TMR current affairs News

TMR current affairs News Re Fana ka Lesedinyana La ditaba ka hare ho naha le kantle
(5)

31/05/2024

MOQOQO MOQOQO MOQOQO

Ako re fe story sa hau le lieta tse u tiisang!

30/05/2024

O kile oa sebetsa kae for 1 day ha e chaha ea ba e chaile e chaile.

NA ONO TSEBA LI PIELS LI BOAKOA KE ENG??MABAKA A ETSANG H**E O IPHUMANE O TS'OEROE KE LIPALS-Liphalse li bakoa ke pressu...
29/05/2024

NA ONO TSEBA LI PIELS LI BOAKOA KE ENG??MABAKA A ETSANG H**E O IPHUMANE O TS'OEROE KE LIPALS

-Liphalse li bakoa ke pressure E etsahalang ho pelvic kapa ho gainer weight ke tsona tse e tsang h**e a**l le vein tsa re**al li ruruoe le ho opa. Tlohella h**e hao sibile ebe oa kokomosa hoba joale O etsa h**e methapo ea hao ea litono e ruruoe. Joale ebe otla tsoaroa ke liphalse.

-Ho lula kano e telele ka thelete tseling tsa public kapa tsaka ntle halisa hloeka

- letsollo lesa emising joale O tiisa hao hlakola

- li bakoa keha ole pregnant

~ hao ja Fibre e nyane
-Hoja bohobe Bo bosoeu
-ho Lula holima sebaka Se Batang haholo
- Ho lula O phamisa ntho tse boima, oka bo ukoe hothoe o tiise ka morao. Bontate ba laeshang li truck ba kotsing ea li phaelse.

FUMANA MORIANA O FOLISANG LIPIES

RE FUMANEHA MASERU +266 5846 5076

QACHA 'S NEK 57289068

LERIBE ,Hlotse le maputsoe +266 5728 0153

MATATIELE
Le MOUNT FLETCHER 0710261245

๐—ฉ๐—”๐—–๐—”๐—ก๐—–๐—ฌ ๐—”๐—Ÿ๐—˜๐—ฅ๐—ง๐Ÿšจ LEISA CLOTHING LESOTHOPosition : Sales Agents *20Two from each District of Lesotho Reports to: Sales Team...
29/05/2024

๐—ฉ๐—”๐—–๐—”๐—ก๐—–๐—ฌ ๐—”๐—Ÿ๐—˜๐—ฅ๐—ง๐Ÿšจ

LEISA CLOTHING LESOTHO

Position : Sales Agents *20
Two from each District of Lesotho
Reports to: Sales Team Leader

SALES AGENT JOB DESCRIPTION:

Leisa clothing Lesotho (LCL): is looking for sales agents to be responsible for generating leades and meeting sales goals. Duties will include sales presentations, product demonstrations and negotiating with potential clients.

To succeed in this role; you will need to have a deep understanding of the sales process and dynamics superb interpersonal skills, previous experience in a sales role is an added advantage.

SALES AGENT RESPONSIBILITIES:

โ€ขMeeting or exceeding sales goals.
โ€ขNegotiating with prospective clients
โ€ขpreparing weekly reports
โ€ขGiving sales presentations to a range of prospective clients
โ€ขCoordinating sales efforts with marketing programs
โ€ขObtaining deposites and balances of payment from clients
โ€ขVisiting clients and potential clients to evaluate needs or promote products and services
โ€ขMaintaining clients records

SALES AGENTS REQUIREMENTS:

โ€ขCOSE/LGCSE with pass in English & Sesotho
โ€ขExperience as sales anges will be an added advantage
โ€ขPeople from initiation school will also be an added advantage

SKILLS:

High confident
Easy to interact with people
Good negotiations and communication skills
High motivated & target driven with proven track record in sales

HOW TO APPLY:

Suitably qualified & experienced candides should submit their applications, CV and copies of educational certificates to: +266 63839393 Whatsapp or message to https://www.facebook.com/profile.php?id=100066935688607 on or before 15/06/2024
Hand delivers will not be accepted.

Leisa Blanket coming soonMonna oa mosotho Kamohelo Leisa Chabana o hlahisa likobo le company e kholo Aranda.Pejana reile...
29/05/2024

Leisa Blanket coming soon

Monna oa mosotho Kamohelo Leisa Chabana o hlahisa likobo le company e kholo Aranda.

Pejana reile ra lebeha leseling ka lihlahisoa tsa hae tsa liphaho. Ho sale joalo, likobo tsena litla fumaneha hoohle ka hare ho naha le naheng ea boaelane ea South Africa.

Leisa_clothing_Lesotho

Lula ule leseling.
Likhomo.

โ€˜MELAELLOA POLAONG EA BAOKI 2014 O Tล OEROEMookho Tamako- Internโ€˜Mampoi Letsie-InternLefa Mabusane (33) oa Ha P**i Mazeno...
26/05/2024

โ€˜MELAELLOA POLAONG EA BAOKI 2014 O Tล OEROE

Mookho Tamako- Intern
โ€˜Mampoi Letsie-Intern

Lefa Mabusane (33) oa Ha P**i Mazenod, o hlahile Lekhotleng la โ€˜Maseterata Maseru, a qosoa ka polao ea baoki ba basali ba babeli, ba neng ba fumanoe ba fenethiloe Ha-Mosalla Tikolohong ea Thaba-Bosiu le bosholu ba koloi โ€œGolfโ€ tse etsahetseng ka La 28 Phato 2014. O hlahile ka pelโ€™a โ€˜Maseterata Tลกosane, bochochising ba Mochochisi Rabale, ka La 20 Motลกeanong Monongoaha, โ€˜me o tla hlaha hape ka La 28 Motลกeanong Monongoaha.

Ho ea ka Sub-Inspector (Sub/Insp) Molahlehi Setlai ho tsoa Ofising ea Lipatlisiso tse Khethehileng (Special Investigations) Ntlo-Kholo ea Sepolesa Maseru, o hlalosa ha moqosuoa a ile a bitsetsoa lipotsong ka pelaelo nyeoeng e โ€˜ngoe e fapaneng le ena, moo a neng a qosoa ka ho khakhatha le ho ntลกa motho likotsi Khoeling ena.

O re nakong ea lipatlisiso, ke ha ba mela litsebe tse ncha h**e eo o nkha lefotha litlolong tsa molao tse boletsoeng. A re lipatlisiso li supa ha eo le e mong Setsokotsane Majalle (20) ka nako eo oa Mazenod Ha Lekhobanyane, ea neng a le ka Sekolong se Seholo sa Sechaba (NUL) ka nako eo, ba ne ba le babeli le Lefa liketsahalong tseo tsa 2014.

A re Majalle o ne a tลกoaroe ka 2016; a ba a behoa ka pelโ€™a lekhotla, ha Lefa a ne a li bone matsoela ho leba Afrika Boroa, moo a fihlileng a koalloa ka litlolo tse ling tsa molao. O re Lefa o ne a ahloloe Lilemo tse Leshome ho na Afrika Boroa,โ€™me o tลกoaroa joalo a qeta ho tsoa toronkong RSA.

O re ha ba tsoela pele ka lipatlisiso, ba utloetse h**e e mong oa babelaelloa o ne a e-na le likamano tsa lerato le e mong oa bafu, โ€˜me a khahloa ke koloi ea hae; eaba ba rera ho e nka ka mahahapa ka sepheo sa ho e rekisa RSA. A re koloi e ile ea fumanoa Bloemfontein ho kharebe ea Lefa kaha eena o ne a se a le chankaneng, โ€˜me ea khutlela Lesotho.

Ha a li fera, Sub Insp Setlai o ipilelitsa ho basali le banana ho tlohella ho ea le khongoana holimo ha ba le ka harโ€™a likamano tsa lerato kaha ha ba tsebe motho eo a ka

MABAKA A ETSANG H**E O IPHUMANE O TS'OEROE KE LIPALS-Liphalse li bakoa ke pressure E etsahalang ho pelvic kapa ho gainer...
25/05/2024

MABAKA A ETSANG H**E O IPHUMANE O TS'OEROE KE LIPALS

-Liphalse li bakoa ke pressure E etsahalang ho pelvic kapa ho gainer weight ke tsona tse e tsang h**e a**l le vein tsa re**al li ruruoe le ho opa. Tlohella h**e hao sibile ebe oa kokomosa hoba joale O etsa h**e methapo ea hao ea litono e ruruoe. Joale ebe otla tsoaroa ke liphalse.

-Ho lula kano e telele ka thelete tseling tsa public kapa tsaka ntle halisa hloeka

- letsollo lesa emising joale O tiisa hao hlakola

- li bakoa keha ole pregnant

~ hao ja Fibre e nyane
-Hoja bohobe Bo bosoeu
-ho Lula holima sebaka Se Batang haholo
- Ho lula O phamisa ntho tse boima, oka bo ukoe hothoe o tiise ka morao. Bontate ba laeshang li truck ba kotsing ea li phaelse.

FUMANA MORIANA O FOLISANG LIPIES

RE FUMANEHA MASERU +266 5846 5076

QACHA 'S NEK 57289068

LERIBE ,Hlotse le maputsoe +266 5728 0153

MATATIELE
Le MOUNT FLETCHER 0710261245

22/05/2024

Big shout out to my newest top fans! Ngaka Soaisa

21/05/2024

LITAABA KA BOKHUTS'OANYANE
Lepolesa la mosali le sepetlele kamora ho otloa Ke moqhobi oa lephele Maseru

"๐“๐‡๐€๐๐€๐๐„ ๐Ž ๐๐“๐’๐„๐Š๐ˆ๐’๐€ ๐‡๐Ž ๐’๐„ ๐‹๐„๐๐„๐‹๐„ ๐Š๐‡๐€๐‘๐„๐๐„ ๐„๐€ ๐‡๐€๐„!" Molaoli oa mehleng oa sesole ๐“๐ฅ๐š๐ฅ๐ข ๐Š๐š๐ฆ๐จ๐ฅ๐ข o re o tl'o bolella lekhotla...
21/05/2024

"๐“๐‡๐€๐๐€๐๐„ ๐Ž ๐๐“๐’๐„๐Š๐ˆ๐’๐€ ๐‡๐Ž ๐’๐„ ๐‹๐„๐๐„๐‹๐„ ๐Š๐‡๐€๐‘๐„๐๐„ ๐„๐€ ๐‡๐€๐„!"

Molaoli oa mehleng oa sesole ๐“๐ฅ๐š๐ฅ๐ข ๐Š๐š๐ฆ๐จ๐ฅ๐ข o re o tl'o bolella lekhotla h**e Tona-kholo ea mehleng ๐“๐ก๐จ๐ฆ๐š๐ฌ ๐“๐ก๐š๐›๐š๐ง๐ž e ne e mo tsekisa h**e ebe o ile a hana ho fa kharebe ea hae ๐‹๐ข๐š๐›๐ข๐ฅ๐จ๐ž ๐‘๐š๐ฆ๐จ๐ก๐จ๐ฅ๐ข (eo hona joale a seng a bitsoang 'Maesiah Thabane) tลกireletso ea bahlomphehi (VIP protection).

A bua ka 'muelli oa hae ๐€๐๐ฏ๐จ๐œ๐š๐ญ๐ž ๐‹๐ž๐ญ๐ฎ๐ค๐š ๐Œ๐จ๐ฅ๐š๐ญ๐ข, Kamoli o re ke ka hona Thabane a ileng a mo phara ka qoso ea bohlaba-phieo le teko ea ho liea 'muso.

O re o ile a hana hobane melao e laolang tลกireletso ea bahlomphehi ho se moo e reng kharebe ea tona-kholo e fuoe tลกireletso e joalo.

Kamoli o ne a bua tsena ka Mantaha nyeoeng eo a qosoang 'moho le moeta-pele oa Lesotho Congress for Democracy ๐Œ๐จ๐ญ๐ก๐ž๐ฃ๐จ๐š ๐Œ๐ž๐ญ๐ฌ๐ข๐ง๐ , Letona la Bophelo le Moeta-pele oa Movement For Economic Change ๐’๐ž๐ฅ๐ข๐›๐ž ๐Œ๐จ๐œ๐ก๐จ๐›๐จ๐ซ๐จ๐š๐ง๐ž, hammoho le masole a mang a mararo.

P**i ea mofapa-hlooho Tanki Mothae e neng e botsoa lipotso tsa phapanyetsano (cross-examine) ke 'muelli Molati, e ile ea lumela h**e ke 'nete h**e ha ho moo melao e reng kharebe ea tona-kholo e fuoe tลกireletso ea bahlomphehi.

Kamoli o re o tla boela a bolelle lekhotla h**e taba eo ea h**e Ramoholi a fuoe tลกireletso, ke e 'ngoe ea lintho tse mo qabantseng le mookameli oa mehleng oa sepolesa Khothatso Tลกoaana, eo eena a neng a fane ka mapolesa a mo lebelang.

Nyeoe e ntse e tsoela-pele, 'me kajeno Mothae o botsoa lipotso tsa phapanyetsano ke 'muelli oa Metsing le Mochoboroane Advocate Motiea Teele KC.

20/05/2024

KE SHEBELLETSE SAPOTA MONA

LEKHALE NTT SOOTHO OA HA TSAUTSE

0 libone jwang

19/05/2024

Big shout out to my newest top fans! Ke Mathiba Juliah

18/05/2024

BA LLA SA 'MOKOTSANE

Sello sa Basotho ke sa tsuonyana e sa hlomoleng phakoe. Bongata bo na le lipotso khahlanong le kasete e sa tsoa tsoa e emisang 'mino oa famo.

" Ha ba emise 'mino oa lipolotiki pele keng; ha ba emisa oa Sesotho hobane kaofela e binoa ka leleme la Sesotho?" Ke e mong oa Basotho a meketsa. Ha a tsoela pele o botsitse h**e na joale tlotlo-ntsoe na e nkoe kae kaha 'mino oa Sesotho o fupere mekhabo-puo esita le mantsoe makhohleli.

Bongata bo ipotsa h**e na 'muso e se e le ha u pulufaletsoe ka ho emisa 'mino oa famo; athe 'ona o ka loantลกa litlolo tsa molao e seng e be ho emisoa 'mino.

Basotho ba bontลกa ha 'mino o bapala karolo e bohlokoa haholo maikutlong a motho.

Ho sa le joalo; baitลกokoli ba tlositsoe moo ba sebeletsang teng mapatlelong a teropo e kholo ea Lesotho.

E ka ba lona Batลกehetsi ba batle le e bona joang taba tsee? Ha re hlaiseng maikutlo ka boitlhompho!

15/05/2024
15/05/2024

BA BATLA BOTSWANA KA LINTJA LE LIKATSE

Ho bile le lenaneo ho e se seng sa li-ea-le-moea tsa Aforika Boroa moo seboholi se moeeng se ileng sa akhela potso ho bamameli.

Potso e bile joang; " ke e feng naha eo u ka lakatsang ho phela ho eona ha u ka fuoa tumello ea bojaki?"

Boieane ba bamameli bo ile ba bontลกa ha bo ka rata ho phela naheng ea Botswana; 'me ba ne ba bontลกa ba rata tsamaiso ea naha eo.

Har'a makhabane a nahana eo; bongata bo bontลกitse ha bo khahluoe ke polokeho ea sechaba 'moho le thepa naheng eo.

Naha ea Botswana e tsebahala ka nena bosholu le lipolao tse sehlooho.

Basotho ba khabane naa lona le ka khahloa ke ho phela naheng ea habo lona? Tลกetleha mabaka.

15/05/2024

๐—•๐—”๐—ฆ๐—ข๐—ง๐—›๐—ข ๐—•๐—” ๐—ฅ๐—˜ ๐—Ÿ๐—˜๐—ฆ๐—ข๐—ง๐—›๐—ข ๐—Ÿ๐—˜ ๐—ž๐—ข๐—ฃ๐—”๐—ก๐—ก๐—š๐—ข๐—˜ ๐—Ÿ๐—˜ ๐—”๐—™๐—ฅ๐—œ๐—ž๐—” ๐—•๐—ข๐—ฅ๐—ข๐—”

Re le Basotho ba phelang Afrika Boroa re kopa Lesotho le re lumelle re ee likhethong tsa h**e linaha li kopane ho latela ts'otleho eo re e sotlehileng ha re le mona Afrika Boroa.

Re kopa h**e sello sa rona se ke se sekeheloe tsebe.

'Mali

14/05/2024

NA ONA LE BOTHATA BA LIPIES

MORIANA ONA HAO KOKOBETSE O EA FOLISA

IPALLELLE BOPAKI BA BATHO BA RENG BA FOLILE

โ˜˜๏ธ Ekaba lipiels tseo qalileng ole mokhachane Lia fola
โ˜˜๏ธEka TSE bakuweng ke serame
โ˜˜๏ธHo thata le H**e Na o EA ntloaneng joang

RE FUMANEHA MASERU +266 5846 5076

QACHA 'S NEK 57289068

LERIBE ,Hlotse le maputsoe +266 5728 0153

MATATIELE
Le MOUNT FLETCHER 0710261245

14/05/2024

HA RE RAPELENG

ohhoo Morena reea o atora rea o boka re tsireletse khahlanong leba bolotsana tseleng ea bophelo boo o re alimileng bona Sera se halefile se batla hotimetsa maphelo arona se swabise Morena se bone boholo ba hao Ka mehla le mehla setle se tsebe ho sokoloha hoba ke wena ole molimo ea tsebang nako ea hoshwa hwa rona phahama molimo rona re kokobele ๐Ÿ™๐Ÿ™๐Ÿ™๐Ÿ™๐Ÿ™

NA ONA LE BOTHATA BA LIPIESMORIANA ONA HAO KOKOBETSE O EA FOLISAIPALLELLE BOPAKI BA BATHO BA RENG BA FOLILEโ˜˜๏ธ Ekaba lipi...
13/05/2024

NA ONA LE BOTHATA BA LIPIES

MORIANA ONA HAO KOKOBETSE O EA FOLISA

IPALLELLE BOPAKI BA BATHO BA RENG BA FOLILE

โ˜˜๏ธ Ekaba lipiels tseo qalileng ole mokhachane Lia fola
โ˜˜๏ธEka TSE bakuweng ke serame
โ˜˜๏ธHo thata le H**e Na o EA ntloaneng joang

RE FUMANEHA MASERU +266 5846 5076

QACHA 'S NEK 57289068

LERIBE ,Hlotse le maputsoe +266 5728 0153

MATATIELE
Le MOUNT FLETCHER 0710261245

UTLWA TAABA TSE ETSAHETSENG KA Rethabile Letsie(ngoana bakoena) OA QACHA S NEKEsale li EA moriting li khutla li khants'a...
13/05/2024

UTLWA TAABA TSE ETSAHETSENG KA Rethabile Letsie(ngoana bakoena) OA
QACHA S NEK

Esale li EA moriting li khutla li khants'a TSE ntle..Sebini SA ha mofu makhaola Se tummeng ka lebitso la NgOana BakOena ๐Ÿ‡ฑ๐Ÿ‡ธ eleng Rethabile Letsie .. o ntsh*tseng setlabolane SA Pina

O re " Dithaba li tshiruoe makhalo a bone ,,a bone rato la hae moo a Teng ,, o ratile Semaele SA hae,,ngoanenoa ha tshea o oa hlanya"๐Ÿ‡ฑ๐Ÿ‡ธ

Pina e bitsoa " Semaele"

Ra leboha ka motla-o- tutsoe kwete ๐Ÿ‡ฑ๐Ÿ‡ธ๐Ÿช—๐Ÿช—๐Ÿคญ

13/05/2024

HARE RAPELENG

Hare rapeleng thapelo ea Morena๐Ÿ™ntata ea mahodimong lebitso lahao le halaletswe hotlee muso wahao Thato eahao e etswe lefatsheng joalo Kaha e etswa lehodimong, ntate Rea leboga le mesong eaka jeno o ntso refile bophelo hase ka bohlale barona keka mohao wahao ntate Rea leboga lebitso lahao le halaletswe, amen ๐Ÿ™

12/05/2024

๐—ข ๐—•๐—˜๐—ง๐—˜๐—Ÿ๐—” ๐—ก๐—š๐—ข๐—”๐—ก๐—”๐—ก๐—” ๐—ž๐—” ๐—ข๐—™๐—œ๐—ฆ๐—œ๐—ก๐—š ๐—ค๐—”๐—–๐—›๐—”'๐—ฆ ๐—ก๐—˜๐—ž!

Taole Sehlabo (39) oa Ha โ€˜Manteko, Qacha's Nek, o hlahile hape Lekhetlong la 'Maseterata, Qacha'sNek, ka pel'a 'Maseterata Bale Bochochising ba Mochochisi Maile, ka La 8 Motลกeanong Monongoaha; a qosoa ka ho hlekefetsa ka motabo ngoanana (18).

Puisanong le Leseli ka Sepolesa, Sergeant (Sgt) โ€˜Mamatheko Bohloa, ho tsoa Ofising ea Tลกireletso ea Bana le Tekano (CGPU), o hlalosa h**e lehlatsipa le ile la fihla ofising ea habo ka La 10 'Mesa Monongoaha, le bontลกa ha ka La Khoeling e fetileng, le ne le ntse le lokisetsa ho etsa kopo ea mosebetsi Lekaleng la tsa Lehae.

O re ha le le tseleng ho ea hlapantลกa litokomane tsa lona Sepoleseng, Sehlabo o ile a le bitsa a re ha le khutla, le tle le pote a ilโ€™o le etsetsa mangolo a kopo eo mahala ka komporo. O re lehlatsipa le fetse la ea ho moqosuoa, 'me ho fihleng hoa lona, o ile a le laela ho kena ofising ea hae, eare ha le se le kene, a notlela monyako.

A re Sehlabo a qalella ho le khotsa botle le ho le phopholetsa ho tloha mahetleng hoโ€™a tsoa tlaase maraong. O re eo o ile a le hlobolisa borikhoe le ho le koala molomo ka le reng le ha le ka hoelehetsa, ha ho na motho ea tla le utloa.

Ha a tsoela pele Sgt. Bohloa, o hlalosa ha Sehlabo a ile a qobella lehlatsipa ho tลกoara litho tsa hae tsa botona, a ntโ€™o ala lebokose fatลกe h**e ba etse thobalano; o tla le etsetsa likopo mahala. A supa h**e ha tsena li ntse li etsahala, moqosuoa o ile a bona motho e mong ka fenstere a lebile moo, a tlohella lehlatsipa, eaba le atleha ho phonyoha, eaba le tlaleha ketsahalo ena ka letsatsi le hlahlamang.

Mookameli oa Sepolesa Seterekeng sa Qacha's Nek, Superintendent (Supt) Thembinkosi Sibanda, o buile le sechaba haholo bahlokomeli ba bana, ho ba hlokolosi tlhokomelong ea bana kaha taba ena ea tlhekefetso e bonahala e atile haholo. A re ho bacha ba se lumele ho ekoa ke banna ba ba tลกepisang l

Tonakholo ea mehleng ntate Pakalitha Mosisi o amehile kotsing ea koloi hoseng kajeno, empa ka mohau oa Molimo maphelo a ...
10/05/2024

Tonakholo ea mehleng ntate Pakalitha Mosisi o amehile kotsing ea koloi hoseng kajeno, empa ka mohau oa Molimo maphelo a bolokehile, hare mobeheng merapelong

07/05/2024

SAPS E BOLAEA LEKHOMOSHA

Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) se thunyelitse lefu emong oa baetapele ba Makhomosha kamora h**e a leke ho hana ha tแนงoaroa mafelong a sa tsoa feta a beke.
Sena ene e le ntแนงetsopele ea OPERATION VALA UMGODI eleng tแนงebetso e ikhethileng ea SAPS e loantแนงanang le ho koala mekoti moo makhomosha a rafang teng ka thoko ho molao.
Ho ea ka tlaleho ea SAPS kajeno, bai le ba sala morao mehlala ea lekhomosha lena ho fihlela Jabulani, Soweto, moo ho belaeloang a na phela teng, โ€˜me a ba hula sethunya sa hae ha leka ho tแนงoaroa, ke moo sepolesa se ileng sa mo thunya โ€˜me a shoa.
SAPS ha ea fana ka lebitso la Lekhomosha lena, ntle le h**e feela ke emong a neng a belaelloa lipolaong tse kabang mashome a mabeli a metso e robong (29) hona naheng eo. Tseo li kenyeletsa ho bolaoa hoa batho ba leshome le metso e tแนงeletseng (16) ba ileng ba fafatsoa ka lethala la likulo ntlong ea mothamahane hona Soweto ka la 14 Phupu 2022.

07/05/2024

KAJENO MOHLOPHISE E MOHOLO OA TMR O KARE HO MASERU HOSANE REA THABA TSEKA .

REFENG LITAABA HEE TSE NTSENG LI ETSAHALA

07/05/2024

HARE RAPELENG

MOLIMO NTATE, MOLIMO MORA ,MOLIMO MOEA O HALALENG.

MOLIMO REA LEBOHA HOSENG HONA HAELE M***A RE TSOHA RE NTSE RE PHELA,HOBA A SE BANGATA BA ATLEHILENG HO LEBONA LA KAJENO,RE TS'IRELETSA KHAHLANONG LE MERERO EA BALOI LE LIRA TSA RONA

AMEN

07/05/2024

LETONA LE JEWA NTLO

Ntlo ea Letona la mehleng pusong ABC, Temeki Ts'olo le mofumahali oa hae, 'Mamokhethi Ts'olo e tlil'o fantisoa ke lekhotla le phahameng.

Ts'olo le mofumahali oa hae ba ile ba kalima chelete bankeng Standard Lesotho Bank e kaalo ka 939 155 ka 'Mesa 2013 eaba ba aha ntlo e kholo Mafeteng.

Ngoahola ka pulungoana, banka e ile ea qosa lelapa la Ts'olo lekhotleng le phahameng e lla ka h**e lelapa le hloloa ho lefa sekoloto sa ntlo.

Banka e ne bokolla ka h**e esale Ts'olo a fuoa mokitlane o atlehile ho khutlisa feela cheletenyana e kaalo ka M143 885 eo a qetetseng ho e lefa ka Phato 2023 'me hajoale o kolota M795 270.07.

Ha maemo a le tjena, lekhotla le phahameng le ahloletse banka 'me la laela h**e ntlo ea Ts'olo e fantisoe.

06/05/2024

Big shout out to my newest top fans! Evelyn Thafeng, Shwynah Tau Moeti

KATLEHO ISSAKA (HEAVY KAY ) O LOKOLLA LITLABOLANE Katleho Isaaka, ke motho oa Qacha ha Makhaola. a tsibisahala ka lebits...
03/05/2024

KATLEHO ISSAKA (HEAVY KAY ) O LOKOLLA LITLABOLANE

Katleho Isaaka, ke motho oa Qacha ha Makhaola. a tsibisahala ka lebitso lena (Heavy Kay) ka hare ho selikalikoe sa mmino.

Ke sebini sa mmino oa Hip Hop . Ke qalile ho etsa mmino ka selemo sa 2020, ka tsibisahala ka lipina tsaka tsa pele tse tharo. "Kea tsoa kea itahla", "Corona virus" , le "Ke nale moea". Ho fihlela ha joale o Se ena le lipina tse ka bang mashome a mabeli.

Ho batho beo esale ba latela le ho mamela mmino hae baka hopola h**e ese ekaba nako eka etsang selemo ho se nko ho tsoa lemina. Tse monate ke h**e ka pina ena e khuts'oanyane kere o khutletse sethaleng sa mmino hape, mme o ntse kopa ts'ihetso ea lona basotho.
Lebitso la pina ke "Le Ea Kae [prod by Shev Shengu]"

Entse e fumaneha ho WhatsApp (+266 63287302)le YouTube ,kopo ke h**e nne re etse Subscribe YouTube moo.


Kea leboha...

MONNA O SHOELLA NYATSING KAMORA HO TS'OAROA HAHASenzile Mhlozana (28) oa Ha Mosiuoa Sehlabathebe, Qacha's Nek o hlahile ...
03/05/2024

MONNA O SHOELLA NYATSING KAMORA HO TS'OAROA HAHA

Senzile Mhlozana (28) oa Ha Mosiuoa Sehlabathebe, Qacha's Nek o hlahile Lekhotleng la โ€˜Maseterata Qacha's Nek ka pel'a โ€˜Maseterata Bale, bochochising ba Mochochisi Maile, ka La 23 'Mesa, Selemong sena; a qosoa ka polao ea monna (37) oa ho na Ha Mosiuoa.

Detective Police Constable (D/P/C) Thabiso Makutoane ho tsoa Motebong oa Sepolesa Paulosi Sehlabathebe, o hlalosa ha Ka La 21 โ€™Mesa Monongoaha, ho fihlile tlaleho ofising ea habo ea polao ea motho. A re ba ile ba mathela mokhosing, โ€™me ba fumana setopo sa monna se rapaletse pelโ€™a lesaka; ba se phutha ho se isa polokelong ea bafu.

A re lipatlisiso li ile tsa simolla tsa sesosa sa polao, โ€™me tsa supa ha mofu a bolailoe ke Mhlozana ka morโ€™a ho mo fumana le oa hae oa litjepa; betheng ha hae, ba se na le khoele thekeng; ba ile le sephume sa boroko. O re li tsoetse pele ho bontลกa ha Mhlozane a ne a fihla mesong ea letsatsi leo, a tsoa Matatiele mosebetsing, ke ha a tla kena ka tlung kaha ho ne ho sa koalisoa lemati; a khantลกitse ka fono.

D/P/C Makutoane o re moqosuoa o ile a khantลกa mosali mahlong, eaba oa tsoha; a bile a leka ho baleha. O re eo a boela a banesa monna eo, โ€˜me a tsoha. A re tlaleho e supa h**e moqosuoa o ile a qalella ho nyekenya monna ka thipa, maqeba a mabeli mpeng le le leng likhopong; a ba a oela fatลกe, ha mosali a ile a balehela ha nkhonโ€™oa bona a fihla a itลกohlometsa ka tlung, eaba monna o kena ka teng a kokositse thipa.

A supa ha nkhono a ile a atleha ho mo hlotha thipa, a bile a botsa na ho etsahalang, 'me mosali a araba ka h**e monna oa hae o mo fumane a e-na le monna eo a seng abile a mo hlabile ka eona . O re nkhono o ile a qhoba 'melaelloa ho leba moreneng, ho ea tlaleha se etsahetseng.

A re morena o ile a tsosa Mahokela eaba ba leba ha 'melaelloa. A re ho fihleng hoa bona, ba fihlile ho se motho ka tlung empa ha morao ba mo fumana pel'a lesaka a se a felletsoe ke bophelo.

Address

No 38 Main
Durban
REAAMOHELAHOKORANTAEARONAEATMR

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when TMR current affairs News posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to TMR current affairs News:

Videos

Share

Category


Other Newspapers in Durban

Show All