Blueink Publishing

Blueink Publishing Publisher, printing services and bookshop everything about my books are on this page

02/27/2025

Ba nkela ka liphalana #67

Jafeta le Lineo ba hulanya maoto kamor'a lekula. Ha ba kena ka ofising, ba lula fatše, lekula la kharuma, "Ka mang ea itseng le lule fatše?"

Ba ema.

Lekula la ba sheba. "Uena Lineo, ha u qalile hantle tje ebile ke u phahamisitse, u tena u se u fetohile tje hobane'ng?"

"Monghali, ke kopa tšoarelo. Hona le taba e neng e sa ntula hantle. Empa kea bona ke entse phoso ka ho botsa malome ’Mapilane ka nako ea mosebetsi. Ke se ke kopa h**e u se lekeke Malome Jafeta. Che ’na ke tla amohela seo u tla se etsa ka ’na," Lineo a rialo.

Lekula la sheba Jafeta, "Ntate, u ne u tlatsetsa'ng lerata ebile u thibella e mong oa basebetsi h**e a lebe mosebetsing?"

"Eh, monghali, ke ne ke feta mono ka utloa ho hoeshetsoa, ka re ke thibe empa hoa bonahala h**e ke entse lerata, ke se ke kopa tšoarelo. Leha mochan'aka a re u mpe u se nteleke, ke re ho uena, u se leleke eena hoba mosebetsi ona o molemo ho eena. Le ho ’na o molemo empa ke se ke le phoso."

Lekula la tsitsinya hlooho. "Ha ke tlo le leleka. Feela, ha ke batle h**e taba ena e iphete hape. Lea utloa?"

Lineo le Jafeta ba arabela hong, "Rea utloa, monghali."

"Ho lokile, uena ntate Jafeta, u il'o etsa mosebetsi oa hao. Teraka ea libalaka e qeta ho fihla. Uena Lineo, u shebe tlelereke tsena tse ncha h**e na li ntse li sa nkutsoetse. Le ka..."

"Che, monghali," ho rialo mosali'a Jafeta a kena a sa kokote. "Ke kopela Lineo kotlo. Ngoana enoa o kopa bareki chelete, o ba manakisa ka mona ka lebenkeleng." A ntša makholo a mararo, a a beha tafoleng. "Ke ena, chelete e tsoang ho moreki e mong. Ntate, u tlo lla ke ngoana enoa. Ngoana enoa u tlo leleka bareki mona ha a sa nkeloe khato. Ke re leha a ka hana taba tsee, feela lik'hamera tsona li ka paka."

Baratuoa ee, khoeli ena e tlang ea March ho hola sengoli sa rona ’m'e Pontšo Kane. Buka ea hae e bitsoa Thirty on Thirty...
02/27/2025

Baratuoa ee, khoeli ena e tlang ea March ho hola sengoli sa rona ’m'e Pontšo Kane. Buka ea hae e bitsoa Thirty on Thirty. Kea lithothokiso. Joale nka thaba haholo ha re ka etsa 'share' posts tse hlaisitseng buka ena ea hae.

Ke rerile ho fana ka limpho ho balateli ba tla 'share' le ho comment haholo posts ea buka ea ’m'e Pontšo.

Kea leboha, kea le rata.

Thirty on thirty is an anthology of poetry that comprises thirty poems celebrating the author's thirtieth birthday, with...
02/27/2025

Thirty on thirty is an anthology of poetry that comprises thirty poems celebrating the author's thirtieth birthday, with the majority of pieces composed in the merry month of March; her birth month. The author's experiences from birth to present have thus been penned herein, in an effort to encourage, entertain, teach and inspire.

It is her debut collection that portrays among other themes:
and of course .

This collection entails different poems ranging from and to mention but a few. Different types of stanzas have thus been employed for purposes of fully embracing the art of poetry and finding treasure in the timelessness of literature.

02/27/2025

Ba nkela ka liphalana #66

Ha tinare e feela, Lineo a bitsetsa mosali'a Jafeta ka ntloaneng. Ha a koala lemati mosali'a Jafeta a re, "Ke'ng? Ke batla ho il'o hloekisa ’na."

"Ntho ena eo u e etsang ha ke e rate, u oa nthekisa, malome," Lineo a rialo.

"Ooo! U batla chelete? E le h**e ke uena ea hoebang ka ’mele? Haesa le ke ntse ke cho h**e u torobetse, Lineo!"

"Ha ke batle chelete, ke na le eaka. Hape ha ke hloke h**e u ’ne u nke lichelete ho batho u ntse u ba bitsa bakhoenyana. Ebile u mo bolella moo re lulang. Hantle u joang?"

Mosali'a Jafeta a tsitsinya hlooho. A re, "Makholo a mararo ke ona a ka u halefisang hakaale? Akere moshanyana eo o mphile eona eseng uena? U ne u re ke tlohele chelete ’na? Ke tlohele mejo ke e bona? Hape ke utloile ha a re na u ile ua fumana ea maobane. E le h**e uena mosebetsing mona u fuoa lichelete ke bashanyana. Bao e ka ’na eaba ba nyetse le ho nyala!"

Lineo a re, "Joale hona tje hobane'ng u tlatsa lerata? U batla lekula le utloe? Hape ke mang ea itseng ke lula ke amohela chelete ea abuti eo? Akere o e file Thienyane maobane o e nkile le uena ke uena eo u e nkile. Ha ke pelo e telele ’na h**e nka nka lichelete tsa batho bao ke sa ba tsebeng!"

Mosali'a Jafeta a bula lemati. Ha a tsoa a khahlana le monna. "Ntate Seeiso!" a rialo a ipotsa na ebe Jafeta o utloile taba tseo ba neng ba li bua le Lineo.

"Ho etsahala eng?" Jafeta a botsa ha Lineo a hlaha a koatile.

"Ngoana enoa oa khaitseli ea hao o fosahetse. U lula a nka..."

Lineo a kena mosali'a Jafeta hanong, "Malome o nkile makholo ano a mararo ho abuti eane a tlile mona eo a sa mo tsebeng a ba a bolella abuti eo na re lula kae e le h**e a tle mantsibuea a tle ho ’na. Malome Jafeta, mona kea rekisoa ke ntse ke shebile."

Jafeta a halefa, a ba a phahamisa lentsoe, "Mohats'aka, u etsa ketso e tje hobane'ng? U batla ngoana eo oa ngoaneso a bolaoe ke batho?"

Lekula la tla, "Aebo, batho ba Molimo, ke eng moo? Le tšosa bareki ha le tlatsitse lerata tjena."

"Monghali, ke kopa u buee le batho bana ba ntlohele ke boele mosebetsing," Mosali'a Jafeta a rialo. "Ba ntšitisa ho sebetsa ha ba le tjena."

Lekula la halefa, "Lona ba babeli, ha re eeng ofising. Ke bona eka le tlisitse ho nteka mona. Ha ke tlo lelekelloa bareki ke lona. Uena ntate, u fihla hona kajeno feela u se u le litlafiri! Ae, ke tlil'o u leleka."

This book is one of a kind. It is a story of hope in times of distress. It portrays what Basotho go through in South Afr...
02/27/2025

This book is one of a kind. It is a story of hope in times of distress. It portrays what Basotho go through in South Africa—especially those who are in menial jobs. We see their peril, distress, anguish and many more plagues that befall those illegal immigrants.

When I wrote it, I tried to to tell the story from their own view point—which is something most people don't understand. People think going to RSA in search of far greener pastures is a child's play. But in this book, I tell it like it is. It ain't a walk in the park. Foreigners suffer. Foreigners are subjected to harsh working environment and abuse because they can't voice out their issues to anybody. They are desperate for whatever crumbles fall from the white man's table. They live in constant fear of Home Affairs office deporting them. Even if their rights have been violated or there has been any crime commited against them, they can't run to the police. This is sureal...this is insane.

This book is only available in hard cover.

.

02/27/2025

Ba nkela ka liphalana #65

Ka tinare, Lineo le bo-maloma'e ba lula kantle tlas'a sefate. Hoa ntšoa lijo. Eaba mosali'a Jafeta ha a re le h**e letho ka chelete ela ea abuti eloa. Lineo a ’na a mo sheba, a nahana h**e o tla bua, athe ha a na re letho.

"Ke'ng, mochana? U shebahala u sa thaba tjena," Jafeta a rialo.

Lineo a re, "Hase letho ke mpa ke nahana ka makholo a mararo a setene a tlo fihla."

Jafeta a re, "Hase uena ea laeshollang thepa, u ka tšoenyeha tje?"

"Akere joale ke eena ea tla bona h**e se feletse setene seo," mosali'a Jafeta a rialo. Ka nako eo Lineo o ne a leka ho mo elellisoa ka chelete e seng setene. "Mosebetsi oa mona o boima, empa che, chelete ea teng e ntle." A ntša makholo ano a mararo ka matsoeleng. "Bona, ntate Seeiso, se ke hatisitse makholo a mararo ke fihla feela."

Jafeta a makala, "Banna li tloha feela?"

Mosali'a Jafeta a re, "Ke ne ke ithukhubelitse, ha ho joalo, Lineo?"

Lineo a iqobella ho betla meno, "Mona ke cheleteng."

Jafeta a re, "Ha re jeng, re tle re tsebe ho boela mosebetsing ka sefutho e le h**e re etse chelete."

02/26/2025

Ba nkela ka liphalana #64

Ha a chopola moo Thienyane, a tsoa fefoha monyako a bi le a lebetse lieta le sabole.

Lineo a re, "Ho batla re batle ntlo e ’ngoe mona ha ho sa bolokehile.

"E le h**e ke ona mosebetsi oa moshanyana eo o u reng sekheo se teng? Ua bona, ntate Seeiso, h**e re tla shoella masaoana?" mosali'a Jafeta a rialo.

Lineo a re, "Thienyane o tebetsoe, a utsoitse. Ba inkela thepa ea makula bona."

"Lekhale, ha re ee, ntate Seeiso. Ha re ke ea, re tlo bolaoa," a rialo mosali'a Jafeta.

"Lineo o re batho bana ba tebetsoe, re tlo ea mono. Ebile ha re robaleng. Rea mosebetsing hosane," Jafeta a rialo.
***
Koana mosebetsing, Jafeta a bontšoa mosebetsi oa hae. E ne e le oa ho laolla teraka e tlisitseng thepa le ho e paka ka lebenkeleng. Ebe o tla ea fana ka lipampiri tse hlaisitseng thepa e rekisoang.

Mosali'a Jafeta eena o ne a filoe oa ho hloekisa le ho phehela makula.

Ho ne ho e-na le basebetsi ba bacha bao e tlil'o ba litlelereke. Lineo o ne a ba ruta mosebetsi.

Ha letsatsi le phahama, moreki eloa oa ho fa Lineo linomoro a fihla. A iterekile ho bonahala h**e ha a tlo reka, o mpa a tlile kharebeng.

A bona Lineo ha a tsoa ka ofising.

"Halo ngoana, u reng feela?" abuti enoa a botsa.

Lineo a qhoma kaha joale bo-maloma'e ba teng. Abuti enoa a re, "U la fumana chelete ea tinare maobane? Ke e siile ho abuti eloa eane a mpatalisa."

Mosali'a Jafeta a hlaela kaha o ne a le lishelefong a ntse a tlosa leroele.

Ha a bona h**e Lineo o fiela fatše ka lintši, a tla.

"Mokhoenyana, ke ’na malome oa Lineo, rea u amohela lelokong la rona," a rialo mosali'a Jafeta.

"Malome!" Lineo a kharuma. "Boela mosebetsing oa hao."

"Joale u re tletse eng, mokhoenyana?" mosali'a Jafeta a rialo.

Abuti enoa a re, "Ke tla sia chelete ea tinare." A ntša makholo a mararo a a fa mosali'a Jafeta. A sheba Lineo. "Ke tla letsa mantsibuea."

"Re lula malaeneng a ntate Motamolane, hona Motse-mocha mane."

"Malome!" Lineo a kharuma. "Ke itse u boele mosebetsing."

A inama mosali'a Jafeta a utloa ka makholo a mararo ao a se a a kentse ka matsoeleng.

Abuti enoa a re, "Ke rata malome oa hao."

"Ha u tlo ea moo ke lulang," Lineo a rialo. "Malome Jafeta o lula le rona."

"Ho lokile, ke tla letsa," abuti enoa a rialo. A tsamaea.

Lekula la tla, "Ke mang eo? Akere ua tseba h**e motho ha a chakeloe mosebetsing?"

"Ke kopa tšoarelo, monghali."

Lineo a boela mosebetsing.

02/26/2025

Ba nkela ka liphalana #63

O llile a ba a omella Jafeta a ntse a sa bule. Hoane ha a se a thotse, Jafeta a il'o bula. A fumana mosali a qhaqhasela ke serame. Ha a bona h**e ho butsoe, a ema, a leka ho kena.

Jafeta a mo thibella. A re, "Hosane, u ea mosebetsing. Ha u sa ee, u se u tla boela hae kapa u tla robala kantle tjena."

Eaba ha a arabe mosali'a Jafeta o bopile.

Jafeta a re, "Ke tla koala hape. Ha u e-s'o fophe hantle."

"Ae hle, ntate Seeiso, ke itse ke na le serame. Hase h**e ha ke batle mosebetsi. Ona kea o batla. Feela ke sa ikoka pele," a rialo mosali'a Jafeta.

"Ke tla kholoa taba ena ea serame ha u tsoa ngakeng, ebile e le eona e netefalitseng."

"Ho lokile, re tla ea ngakeng. Sutha ke kene ka tlung."

Le pele a kena motho a hlaha k'honeng. A be a se a mathela monyako ha a bona h**e ho butsoe. Jafeta le mosali ba leka ho koala kapele, empa eo a suthumetsa lemati ka lehetla la hae la buleha, Jafeta le mosali ba oela koana ka lirao.

Motho enoa a kena, a ba a koala. A re, "U kae tlhalentlhajana eo e Lineo? E lula moo akere?"

Jafeta le mosali ba shebana. Eaba ha ho ea arabelang.

Motho enoa a ntša sabole, a atamela Jafeta le mosali. A pheta, "Ke itse na o kae Lineo?"

"H'a lule mona," Jafeta a rialo. "Hape rona ha re mo tsebe Lineo eno oa teng."

Monna enoa a re, "Ke sa sheba ka kamoreng ke kholoe h**e h'a lule mona moo ’na ke ee ’mone a tsoa a kena teng."

"U batla'ng ho Lineo?" mosali'a Jafeta a botsa.

Monna enoa a re, "A nsenyetse mosebetsi ebe kea mo tlohela?" A feta pel'a Jafeta le mosali, ba shoashoaphana. Ha monna enoa a ba furalla, Jafeta a nka setulo. A se tjebela ho eena. Eo a khothometseha. O ne a sa lebella h**e Jafeta a ka mo otla kaha a ba tšositse.

Ha a itšoareletsa ka lebota, Lineo a bula lemati la kamore a re a tlo bona na ke lerata la eng.

Hang feela a teanya mahlo le Thienyane. Thienyane enoa o ile a rapela lekula h**e le se ba tšoarise le mpe le ba tebele feela.

"U batla'ng moo, Thienyane?" Lineo a botsa a maketse ha a bona sabole.

"U nsenyetsa mosebetsi? Ke hlile ka cho h**e u noha," Thienyane a rialo.

Jafeta le mosali ba ne ba se ba eme, ba tla ho Thienyane ha a ntse a shebile Lineo. Ba mo tšoara matsoho. A re ka re o oa ithutlolla, eaba ba mo tšoere.

"Re neheletse lerapo, Lineo," mosali'a Jafeta a rialo. "Enoa eena o hloka ho fasoa. "

Ha Lineo a tla le lona, Thienyane a jompa Lineo ka phatla ea hae. Eo a thekesela, a bona linaleli li feta kapel'a mahlo a hae. A ba oa.

Jafeta a tlohela Thienyane a phallela mochana.

Thienyane a nahana h**e a ka chofela mosali'a Jafeta leboteng, athe o tla kopana le thaka hae. Eo a mo hula ka litapole. Thienyane a hoelehetsa. Eaba mosali'a Jafeta o oa li suoa. Ho fihlela Thienyane a oela fatše.

02/25/2025

Ba nkela ka liphalana #62

Bosiu ea mo hoaea tlala, mosali'a Jafeta. Hampe Lineo le Jafeta ba ne ba lutse ba qoqa. Joale a soabela ho tsoha. A ’na a fetoha hangata. Ho fihlela Jafeta a botsa na molato ke eng.

"Ke serame sane sa mok'huk'hung. Ke h**e se nyolosa ka mahetleng ka mona se fihla se ema molaleng mona ekare ke jere mokotla oa samente. Ichu!" Mosali'a Jafeta a rialo.

"Ke na le moriana o sililang, ere ke tle le ona u tlo silila mohlomong se tla kokobela. Ho batla le uena u ee ngakeng, malome," Lineo a rialo. A ema a leba kamoreng.

Mosali'a Jafeta a lalla ha lemati la kamore le koaleha, a re rao! A leba phaiphabekeng eno e sootho. A sheba kahare. A ntša lebokose leno le tšelang nama. A nka leqa a sumutha.

"He u bo-ntja, mosali'aka," Jafeta a rialo. "Ke ne ke maketse na u ka hla ua robala u sa ja."

"Ntate Seeiso, serame sena se hloka motho ea jang. Kapa le tla bona ha ke shoele h**e khale ke kula," mosali'a Jafeta a rialo. "Kannete ha nka lo sebetsa makuleng, nka oa ka shoa ka siea bana ba ka."

Lineo a hlaha. "Hao malome, e ne e sa ka u khotše?"

"Ngaka e itse ke je h**e serame sena se se nqete," mosali'a Jafeta a hlalosa. "Ke ntse ke joetsa maloma'o h**e nke ke ka hlola le boela mosebetsing."

"E le h**e mok'huk'hu ona oa hao u o tlohetse ka boomo hoba u se u ipoleletse h**e u ke ke ua boela mosebetsing," Jafeta a rialo.

"Atseba, ntate Seeiso, ke tla tsamaea. Ke tla boela haeso. Kea kula ke ho sebetsa moo ho batang ke sebeletsa uena le bana h**e le phele bophelo bo hantle. Joale kaha ha ke sa na chelete ke tlo bolelloa taba tse tje, ae kannete. Ha le na botho!" a rialo mosali'a Jafeta.

"Feela malome, ke fetile mono ke bone h**e batho ba ne ba tlose mek'huk'hu khale. Uena u ne u sa o tlose ke'ng?" Lineo a botsa.

Mosali'a Jafeta a roala lieta a leba monyako. "Kea tsamaea, kea haeso. Se le tla sala le ja lik'henthaki hamonate."

Lineo a re, "Malome, boisu bo bokale!"

Mosali'a Jafeta a tsoa a ba a khahlela lemati.

Jafeta a sheba Lineo, "Ak'u tlohele ntho e botsoa ena. E tla khutla le mono moo e nahang e ea teng. Tsa mo robala, Lineo."

Lineo a leba kamoreng.

Jafeta a kena likobong. Bana bona ba ne ba se ba khalehile. A utloa motho ea kokotang. Eaba Jafeta oa itholela.

"Ntate Seeiso, ak'u bule hle, ke tla be ke hlaeloe ke kotsi kantle ka mona," mosali'a Jafeta a rialo.

"Ha u ne u ntse u il'o batla eng kantle? Rona rea ikhutsa. U tla kena hoseng kapa ha nka leba kantle," Jafeta a rialo a bile a ikhurumetsa ka likobo.

"Molimo oa ka, ntate Seeiso, sethotsela ke sena se tla ho ’na. Jooe!" a lla mosali'a Jafeta.

02/25/2025

Ba nkela ka liphalana #61

Lekula la chofela setulo sa Thienyane a ntse a lutse joalo. A penya mochini eaba ha o bontše o ile oa robeha.

"Thienyane, mehla ena kaofela re bona h**e thepa e tsoile feela ha re bone chelete," lekula la rialo. La sheba Lineo, "Mpitsetse molebeli a tlo fasa enoa ha re ntse re emetse sepolesa."

Thienyane a ema, "Monghali, hase ’na feela ea etsang ketso ena. Boholo ba barekisi ba inkela chelete. Ke kopa u se mpitsetse mapolesa hle ke hlokomela ’m'e le bana ba ka. Oho ke qetetse. Ke kopa u se ntšoarise."

Lineo a ea bitsa molebeli. Ha ba fihla lekula la hlalosa eaba molebeli o tlama Thienyane ka 'zip ties' matsohong mona ha ho emetsoe sepolesa.

Lekula la buoa le basebetsi ba bang. "Tlohellang mechine le eme thoko mane. Lineo, hlahloba mechine na e rekisitse thepa ea boleleng bo bokae le h**e na chelete e ka lithiling e lekana le ea thepa e rekisitsoeng.

’M'e e mong oa moimana oa tlelereke le eena a bua, "Oho hle, monghali, ke na le bana ba bararo le enoa eo ke moimmeng."

Lelula la re, "Ke siile bana ba ka, beso le ba moen'aka koana India, feela ha ke utsoe. Ke lefa mosebetsi joale lona le nteboha ka ho nkutsoetsa?"

Lineo a sheba a bona h**e ke kobo-anela; ho utsoetsoa lekula.
***
Ka shoalane, Lineo a lula setulong. O ne a tlile le k'henthaki le bohojoana boo tsamaeang le eona le litapole tse halikiloeng. Ha jeoa, maloma'e oa mosali a ja joaloka sekhohloana.

"Malome, mosebetsing mane hona le sekheo le uena malome Jafeta sekheo se teng."

Mosali'a Jafeta a re, "Makuleng? Ae, he! Nka se sebetse makuleng ’na."

Jafeta a mo kharuma. "’Mapilane, na u imametse tje? Ngoana u re batletse mosebetsi uena u bua ka ho nyefola ka nako eno u harela lijo tsa ngoana enoa oa ngoaneso!"

"Ntate Seeiso, kea kula ’na. Ke na le serame ke ho theohela mok'huk'hung. Kannete ke hloka ho phomola. Ke holisitse Lineo ke enoa ke mosali. Ha a ntlhokomele le ’na," mosali'a Jafeta a rialo.

Jafeta a re, "Ha ke sebetsa feela, ke tlil'o nka bana bana ba ka re il'o ik'hirela moo re leng bang. Le Lineo le eena o tsoe mona. Uena mofumahali oa Borithani, u sale u le mong."

Mosali'a Jafeta a ngala lijo. A lata leterase a ala.

The oldest profession in the world is politics and the second is prostitution. And when those two intertwine...This bad ...
02/25/2025

The oldest profession in the world is politics and the second is prostitution. And when those two intertwine...

This bad ass is coming soon.

Thirty on thirty is an anthology of poetry that comprises thirty poems celebrating the author's thirtieth birthday, with...
02/25/2025

Thirty on thirty is an anthology of poetry that comprises thirty poems celebrating the author's thirtieth birthday, with the majority of pieces composed in the merry month of March; her birth month. The author's experiences from birth to present have thus been penned herein, in an effort to encourage, entertain, teach and inspire.

It is her debut collection that portrays among other themes:
and of course .

This collection entails different poems ranging from and to mention but a few. Different types of stanzas have thus been employed for purposes of fully embracing the art of poetry and finding treasure in the timelessness of literature.

This book presents the students with the widest range of topics which, by and large will expose them to the everyday vag...
02/25/2025

This book presents the students with the widest range of topics which, by and large will expose them to the everyday vagaries that characterize and/or typifies real estate. Real Estate-it could be the most profitable investment you ever make. Unlike stocks and bonds, there is only so much of it to go around.

02/25/2025

Ba nkela ka liphalana #60

Lekula le ile la hlaha la bitsetsa Lineo ofising. Ho fihleng hoa hae lekula la mo laela ho lula fatše.

"Hona le ntho e sa hlakang mona. Chelete ea khoebo eba nyane feela barekisi ba pataloa haholo. Lipalo tsa ka li mpha h**e ho teng ho sa eeng hantle."

"U bolela joang, monghali?" Lineo a botsa.

"Thienyane o shebahala a tsamaea ka likete-kete feela thekiso ea thepa ea hae e le nyane. U se u mo tšoaile hona kajeno?"

"Che, monghali, ha ke e-s'o tšoae barekisi. Ke ne ke hopotse ho etsa joalo kamor'a tinare."

"Etsa hona joale."

Lineo a tsoa. A leba tafoleng ea hae. A ema nakoana a leka ho nahana na ebe Thienyane o sebetsa litaba tsa hae joang. Ha a se a lohile leqheka, a leba tafoleng ea Thienyane.

"Thienyane, hlaisa lirasiti tsa hao ke bone," Lineo a rialo.

"Haa! Lintho li fihlile moo li ne li batloa," Thienyane a rialo. A ntša lirasiti tse tšeletseng.

Lineo a lihlahloba. A bona h**e o rekisitse thepa ea kete tse peli feela.

A li nka a leba ofising ka tsona. A sheba k'homphutheng hammoho le lekula. Ba bona h**e thepa e tsoileng, eo Thienyane a e rekisitseng kea boleng na kete tse hlano.

"Ua bona ntho eo ke buang ka eona?" lekula la rialo. "Bona thepa e tsoileng e ngata feela chelete eona ke kete tse peli."

"Monghali, e le h**e hoo ho bolela h**e bolotsana bo teng?"

"E, kete tse tharo li ile kae?" lekula la rialo.

Lineo a be a se a ntša mohala a letsetsa abuti eloa oa hoseng a ne a tlil'o reka.

Ha eo a araba Lineo a mo botsa, "Hana thepa ea hao e bile ea bokae?"

"Halo uena 'beautiful'," abuti enoa a rialo. "Ke ne ke sa lebella mohala oa hao kapele tjena. Bona 'beautiful', thepa eaka kea kete tse tharo."

Lineo a sheba lekula a tsitsinya hlooho. A salisa abuti enoa hantle, a ba a koala mohala oa hae.

"Hona le moreki ea tlileng mona hoseng o re o rekile thepa ea kete tse tharo. Ho bolelang h**e Thienyane o khoaetse chelete eno a hlaisa ena ea kete tse peli."

Lekula la retela. La ema. A leba tafoleng ea Thienyane. Lineo a tla a matha kamor'a lona.

"Thienyane, thepa eo u e rekisitseng e etsa bokae tsatsing lee?" lekula la botsa.

Thienyane a re, "Ke fane lirasiti. Li hlaisitse ntho eohle."

Lekula la mo sheba. "Le kete tse tharo le tsona lia hlaha lirasiting?"

Thienyane a halikisa mahlo. A sheba Lineo, "Uena ke hlile ka u bona h**e u tlo nkukela mosebetsi. Ke u file lirasiti tse etsang kete tse hlano."

Lekula la re, "Kete tse hlano? Empa chelete e hlahang mane 'system' eaka e bontša feela kete tse peli empa thepa e rekiloeng ebile e patalletsoe tafoleng ena ea hao ke kete tse hlano."

Thienyane a re, "Botsa Lineo. Ke eena ea tlileng tafoleng eaka. Ha ke molotsana ’na."

Lekula la sheba Lineo. Eo a re, "Ae, mohlomphehi, ke ne ke tlo lata lirasiti ’na. Ebile haeba ho se ho belaelloa ka ’na, ha ho shejoa lik'hamera."

Thienyane ha a utloa h**e ho tla shejoa lik'hamera a re, "Monghali, mochini ona o patalisang o ne o sa sebetse, joale chelete e tena e sa hlae tjena hoba o ne o mpha bothata."

Lekula la re, "U joetsitse mang h**e mochini ha o sebetse?"

"Ke ne ke tšaba ho sia bareki ebe ke tla il'o bolela. Hona joale ke o lokisitse," Thienyane a rialo.

"Suthisa setulo sena sa hao ke shebe na o ne o robehile," lekula rialo.

Thienyane a halikisa mahlo eaba ha a suthise setulo.

02/24/2025

Ba nkela ka liphalana #59

O fetse a ala ka kichening mosali'a Jafeta eaba Lineo o lutse setulong o shebeletse. A ipotsa na enoa o tena a qatile mohatla tje ebe molato. A ba salisa hantle ha a leba kamoreng.

***
Hoseng mane mosebetsing, hoa kena abuti a hantle a tlil'o lata thepa eo e saleng a e le fella.

"Lumela, ausi," moreki enoa o rialo ho Lineo.

Lineo o ne a tlohile mane tafoleng ea hae a ntse a hlakola lerole lishelefong tsa thepa ea mohaho e tšesane. A arabela a ntse a hloekisa.

Moreki enoa a tla ema pel'a hae. "Ke qala ho u bona mona."

Lineo a sheba moreki. "Kea fihla. U moreki oa moo oa khale?"

"E-ea," moreki enoa a rialo. "Joale e le h**e u ee u je?"

Lineo a makala joale. "U bolela joang?"

"Ke h**e ke re na u ee u ee lijong."

"Ntse ke sa utloisisi."

"Ausi, ke re na u ka thabela ho ea lijong le ’na?"

"Ae, ha ke tlo khona, mosebetsi oa ka o mongata."

Moreki enoa a ea ho tlelereke e ne e mo thusa. E ne e le abuti eane ea monelang Lineo. A re, "E le h**e mosebetsi-mmoho le uena ke mang lebitso? Eo ea lishelefong?"

Abuti eona a re, "U thusoa ke ’na mona. U se ke ua ba ua ea ho eena."

"Hobane'ng?"

Abuti enoa a inamela moreki. "Ke leqitolo le sebelisang meriana. O re nkela bareki ha a le joalo. O fihla maoba mona feela o se a phahamisitsoe. Ke eena ea re tšoaeang na re sebetsa joang."

"Hmm, joale lebitso la hae ke mang?"

"Ke ee utloe ba re ke Lineo. Joale u tlo lata masenke feela kapa le mapolanka?"

Moreki enoa o ne a hetlile Lineo a bile a bontse.

Abuti enoa a re, "Bua ke buelelle le lekula re u isetse thepa ena mahala haeba u toropong mona Mohale's Hoek."

Moreki a leba ho Lineo. "Ausi Lineo, lebitso la hao le monate bo."

Lineo a nyaroha. "Ke sa sebetsa. Ke kopa h**e u se ntšitisi hle."

"57553054, ke tsa ka u tle u ntetsetse hle," moreki enoa a rialo. "Ha ke tlo tsamaea ha u sa mphe tsa hao."

Lineo a re, "Ke tla bitsa molebeli ha feela u sa tsamaee."

"Nka thaba h**e ha nka tšoarisoa ke uena. Ebile matsoho a ka ke ana u ka ’na ua ntlama."

Lineo a itšoara thekeng. "Ke kopa u tsamaee, motho oa Molimo. Ke mosebetsing mona."

"Ke tlo tsamaea ha u mphile linomoro."

"Ho lokile. Ke 63515172 u letse hoseng feela ka hora ea bosupa."

Moreki a re, "Ke kopa ho tlo reka thepa ho uena u il'o mpatalisa."

"Akere u moreki oa Thienyane. Bona na o re shebile hampe joang."

"Ae, ke batla uena u lipatalise. Hape ua tseba ke batla'ng?"

"Thienyane o tla nkoatela. Patalla ho eena."

Moreki enoa a bonya eaba o ea tafoleng ea Thienyane. A patala. Eaba o siea chenche ea hae a re Thienyane a tle a e fe Lineo.

Ha moreki a sala a tsamaea, Thienyane a e kenya pokothong ea hae.

02/24/2025

Ba nkela ka liphalana #58

Hoba ba sale ba le babeli, Jafeta a bua le mosali'ae, "Ke boela lapeng, mohats'aka, Keiso a ke ke a hlokomela liphoofolo hoba o theohela ka koloi ena ea hae mona kampong."

Mosali'a Jafeta a utloa eka o oa cha. O ne a tseba h**e ha Jafeta a ka tsamaea, Lineo o tlo ba tebela mona malaeneng. A re, "Ntate Seeiso, mona ho haufi bakeng sa bana ha ba ea sekolong. Hape ha re na patala koloi ea khoeli e tla ba tlisa sekolong."

"Hase mathata ao re tlamehang ho a jarisa Lineo. Hape uena sebopeho sa hao se fosahetse. E ke ke eare re le tsietsing ea Lineo ebe uena u ikeme u mo entse sekepesele ha hae."

"Kannete, ntate Seeiso, ke itšoabetse. Ke itšoela mokhubu. Ha ke sa tla pheta. Le bana ke tla ba khalemela. Ha re khutlela hae ho tlil'o ba boima. Theko ea lijo e nyolohile."

Jafeta a re, "Ke sa ea hae, ke tla khutla ka shoalane. U fiele u be u phehe. Lineo a ke ke a re thusa hakana ebe u tlo iketsa mohlohla o rapane mona ha hae."

Mosali'a Jafeta a hlapa, a itšela ka likonkosi tsa Lineo. A sheba ka oteropong na a ka apara eng. Kaha a le motenya joale Lineo a le mosesanyane, a lekeha. Empa a sheba thaetse. A e tena, e ne e mo tsanapile feela a itjoetsa h**e o tla tlenela pele. A apara bolaose ba hae. Ha a qeta a nka 'wig' ea Lineo a e roala. Ka lehlohonolo ba ne ba roalellana le Lineo, a nka liteki tse ncha tseo Lineo a so li roale. A li roala.

A leba toropong. Basebetsi-mmoho le eena ba makala na o se a le metsi ke eng feela mek'huk'hu e tlositsoe.

"Helang, maphepheng moo a mabokose, le ntse lea joang? ’Na ke se ke sebetsa 'home affairs', basali," a rialo mosali'a Jafeta.

"Ausi ’Mapilane! Joale u motle hakaakang! Athe ho ne ho hiroa moo 'home affairs' rona re sa tsebe?" e mong oa basali ba baitšokuli a botsa.

Mosali'a Jafeta a re, "Ae, ak'u tlohele ho mpitsa ka lebitso leno. U mpitse ka la ka la bo-ngoanana. Ha u nchebile tje nka ba ’Mapilane?" mosali'a Jafeta a rialo. "Ho ne ho sa hiroe 'home affairs' empa kea tsejoa ’na."

Ha baitšokuli ba maketse ebile ba khalile, a sipholla mokotla a ntša lekholo a reka apole e le ’ngoe. A re, "U nke chenche. Ke sa boela mosebetsing."

Ha a kena ka lepheleng a khutlela ha Lineo thaetse ea hakoa ke terata e ne e fasitse mokotla oa litapole tsa moeti e mong eaba e-ea taboha. A tšoha joale hoba e se ea hae. A ipotsa na o tlo re ho Lineo ho etsahetse joang ka thaetse.

Hang feela ha a fihla hae, a e hlobola, le tsohle tsa Lineo tseo a ikalimmeng tsona a libeha.

A nka lijana a lihlatsoa. A ba a pheha. Ha bana ba tsoa sekolong a be a qetile. Le bona a ba laela ho nka toti ba il'o e lahla. A fiela le ho koropa.

Ka shoalane ha Jafeta a fihla a fumana ho le makhethe ebile ho phehiloe.

"Ntate Seeiso, ke u hlatsoe maoto?" Ke mosali'a Jafeta eo a botsa ka lentsoe la Sontaha.

Jafeta a makala. Empa a lumela.

Lineo a kena. A fumana ho le monate—lelapa le thabile.

"Haebo! Ho ee ho be tje moo? Khele! Le ntlo e hloekisitsoe!" Lineo a rialo.

Mosali'a Jafeta a re, "Ke itse nke ke iteke ke tlohele ho leka batho. Ebile re tla tla robala ka mona ka kichening le bana. Uena u robale betheng ea hao hoba mona ke ha hao."

Lineo a sheba Jafeta. Eo le eena a tsitsinya hlooho hoba a sa kholoe sena seo a se bonang.

02/23/2025

Ba nkela ka liphalana #57

Hoseng ha a fihla mosebetsing, a pota ka setopong a fana ka limpapiri, a bona batho ba se ba litšoere. A botsa motho e mong na ba li filoe ke mang, eo a araba h**e ba lifiloe ke abuti ea sebetsang makuleng.

Lineo a lekeha, a leba mosebetsing. Ha a fihla abuti eane oa mosebetsi-mmoho a re, "Re tla bona na ba tla tla ho uena bareki kajeno."

Lineo a thola a lula fatše. Eaba lekula lea tla. La hoehla Lineo h**e a ee ka ofising.

"Lumela Lineo," lekula la rialo.

Lineo a arabela a tšohile na e ka ba ke eng.

Lekula la re, "Ke shebile mosebetsi oa hao oa maobane. O ne o le motle. Ebile re rerile h**e re u phahamise."

Lineo a utloa eka a ka tlola-tlola. A re, "Kea leboha, kea leboha kannete. Jo! Molimo o moholo."

Lekula la re, "U ka boela mosebetsing oa hao he."

Lineo a tsoa, a utloa likhapha li tla ka mahlong ha a nahana na o tsoa kae ka bophelo. A cho ka pelong h**e efela lintho tse ntle li tlela batho ba mamellang.

Address

New York, NY

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Blueink Publishing posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to Blueink Publishing:

Videos

Share

Category