NARE FM

NARE FM Leseli La Bokamoso Commercial Radio

15 March 2025BA TLISA NTOA LESOTHORaboshane Ramoloko (30) oa Ha Motlalep**a Khubelu, Khotsofalang Ramoloko (29) oa Ha Ma...
15/03/2025

15 March 2025

BA TLISA NTOA LESOTHO

Raboshane Ramoloko (30) oa Ha Motlalep**a Khubelu, Khotsofalang Ramoloko (29) oa Ha Maputsoe Khubelu, Boikano Ramoloko (20) oa Ha Motlalep**a Khubelu, Khothatso Tjotjoane (23) oa Majakaneng Mapholaneng, Lekhanya Letjama (23) oa Lilimala Popa, Retetse Ramoloko (27) oa Ha Maputsoe, Khubelu ba Seterekeng sa Mokhotlong le Matsie Mphunyetsane (35) oa Ha Mphunyetsane Leribe, ba hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Mokhotlong, ka La Hlano Tlhakubele Monongoaha, ka pel’a ‘Maseterata Chonela, bochochising ba Mochochisi Lefisa, ba qosoa ka teko ea polao, tšenyo ea thepa le lithunya tse seng molaong.

Puisanong le Detective Sergeant (D/Sgt) Lebohang Letlema oa Ofising ea Mafokisi Tlokoeng, o bontša h**e bosiung ba La 24 Hlakola Monongoaha, ba ile ba fumana tlaleho ea h**e ho na le batho ba hlasetseng lelapa le leng motseng oa Ha Motlalep**a Khubelu ka lithunya.

O re ke moo ka letsatsi le hlahlamang ka La 25 Hlakola Selemong sena, sechaba se ileng sa tšoara baqosuoa, sa nehelana ka bona sepoleseng hammoho le lithunya tse peli le likulo tse 15.

A re ba ile ba thakhola liphuputso tse utulotseng ha baqosuoa ba hlasetse lelapa la Ramoloko le amahanngoang le mokhatlo oa likobo o thibetsoeng ka molao o bitsoang Khang Kholo. A re baqosuoa le bona, pelaelo ke h**e ke ba mokhatlo o tšoanang.

O re lipatlisiso li supa ha qabang e qalile Afrika Boroa, moo ho bileng ho nang le batho ba babeli ba timeletseng teng. A re liqabang li bonahala li keketse ho tla fihla koano, sesosa ha se e so tsejoe; sepolesa se ntse se etsa lipatlisiso.

Baqosuoa ba ile ba tšoaroa ba nt’o hlahisoa lekhotleng ka letsatsi le boletsoeng, 'me ba emetse ho hlaha khotla hape ka La 19 Tlhakubele Monongoaha, ba le ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa. ‘Melaelloa e mong o ntse a le kokelong, ‘me o tla hlahisoa khotla ha ngaka e mo lokolla.

D/Sgt Letlema o ipelelitse ho beng ba lintoa tsena ho emisa lipolaeano tse sooto, ka ha li siea bana e le likhutsana le ho beha naha tlasa tsitsipano.

15/03/2024A ko lakaletse Tonakholo letsatsi la hae la tsoalo le monate.
15/03/2025

15/03/2024

A ko lakaletse Tonakholo letsatsi la hae la tsoalo le monate.

15/03/2025

15 March 2025

HO NTSE HOBA BOIMA KA LIFEMENG

Basebetsi ba feme ea Urban Voke Apparel Maputsoe ba qeta beke joale ba robala kantle le ho qeta lets'eare ba katile Mohiri ea batlang ho qoela ka lichelete tsa bona.

Basebetsi bana ba hlalositse ha ba ikarotse ba bang ba kena hoseng ha ba bang ba qeta bosiu moo.

Ba hlalosa ha ba sebelitse khoeling ea Ts'itoe ba sa fuoa li over-time tsa bona le meputso eaba ba thotse, khoeling ea bobeli selemong sena eaba ha ba fuoe meputso ka h**e feme ha e na chelete ba tla e fumana li 7 tsa khoeli ea boraro.

Ha letsatsi leo le fihla Mohiri o sa sa ba kholise eaba ba hana ho tsoa ka femeng 'me Mohiri a bitsa mapolesa a ileng a nka lehlakore ka h**e ba bang ba tlile papaling mono ha ba tla mosebetsing ka hona ba tsoe.

Ke mona moo mots'eare ba thibileng teraka e neng e tlo lata mosebetsi ka h**e ba utloile h**e Mohiri o batla ho koala feme eno e nang le likhoeli tse 7 e butsoe a e ise Africa Boroa. Ba teraka ba ila ba bitsa mapolesa empa Basotho ba tiisa lihlooho ka h**e ha e kene hobane ha ba lumelle mang kapa mang ho tsoa kapa ho kena esale ho tloha 'Mantaha ha ba fumana ho koetsoe.

"Re buile le Letona Ts'eliso Mokhosi empa le eena a nka lehlakore ka h**e re lokollele Mohiri mosebetsi 'me taba eo ea phethahatsa mantsoe a Mohiri a h**e 'muso o ka lipokothong tsa bona...Labour le eona e itse e sa sebetsa taba ena...Honajoale ha re batle eng kapa eng re batla chelete ea rona...", ba rialo.

Ho utloahala ha ka li 7 tseo Mohiri a ile a fa basebetsi ba bang li M200, ba bang li M400, ha ba bang a sa ba fa letho joale Basebetsi ba selebaletsoe na ba tla fumana chelete e koalang mabaka a botho a bophelo bona kapa che.

14/03/2025

14 March 2025

Mootsi oa itokolla.

Mokhethoa oa Makhaleng Hon Mootsi Lehata o itlokolotse ele Molulasetulo oa caucus ea Maparamente a DC kajeno Paramenteng.

14/03/2025

14 March 2025

Monna oa Botha-Bothe ea ileng a namoleloa ke Mocanselara Hlalefang Makesi o ile tlhabollong,ka mora ho bolaisoa lechoba ke monna e mong

14/03/2025

14 March 2025

CAPETOWN

Nkhono o seboko ka sepetlele se seng CAPETOWN moo setloholo sa hae seneng se amohetsoe teng ka lebaka la bokuli

O re ngoana ea lilemo li 10 o behiloe monyako oa hae a netse a apesitsoe liphahlo tsa sepetlele ebile antse a tlamisitsoe ka libanteji,ho sena tlhaloso ea letho

14/03/2025

14 March 2025

KENYA

Monna o tsoeroe ke sepolesa ka mora ho khama le ho hlaba mosali oa hae ka thipa,a re mosali o patile mohala oa hae oa thekeng.

Ho utloahala ha monna a fihlile lapeng ha hae a bo khile ka likhopo eaba o lebala moo a behile mohala oa hae oa thekeng teng.

14 March 2025Lefapha la tsa bolebi le supa ha ho na le monyetla oa p**a libakeng tse ngata 'me e ka ba matla libakeng ts...
14/03/2025

14 March 2025

Lefapha la tsa bolebi le supa ha ho na le monyetla oa p**a libakeng tse ngata 'me e ka ba matla libakeng tse ling ea baka likhohola ho tloha ka Labohlano lena la la 14-03-2025 ho isa ka la 18-03-2025.

Ho sa le joalo kajeno maemo a leholimo a supa ha ho lebeletsoe h**e le koahetse ka ho khetha libaka, ho pholile ho isa ho bata libakeng tse ling ka maloting, ka moea o fokang o le bobebe. Ho ka lebelloa h**e le koahele boholo ba libaka, ho be mahareng ho isa ho batla ho futhumala, empa ho phole ho isa ho bata libakeng tse ling ka maloting. Moea o ka lebelloa ho foka o le bobebe le mahareng ho hlaha leboea-bophirima. Ho na le monyetla (60%) oa p**a e akaretsang e ka khemang le lialuma, ‘me eka ba matla libakeng tse ling.

14 March 2025Kajeno ho hola tonakholo ea Lesotho ea mehleng Dr. Pakalitha Mosisili ea busitseng lilemo tse 15. Ebile ke ...
14/03/2025

14 March 2025

Kajeno ho hola tonakholo ea Lesotho ea mehleng Dr. Pakalitha Mosisili ea busitseng lilemo tse 15. Ebile ke mothehi oa mokha oa lipolotiki oa bitsoang DC

14 March 2025Letona la  temo Thabo Mofosi o re naha ea Lesotho le oetsoe ke seoa sa liboko tse ho  sa tsebahaleng h**ena...
14/03/2025

14 March 2025

Letona la temo Thabo Mofosi o re naha ea Lesotho le oetsoe ke seoa sa liboko tse ho sa tsebahaleng h**ena li bakuoe ke eng

14 March 2025O TSOHA A ROBETSE LE SETOPOKa La Tšelela Tlhakubele Monongoaha, Mohlahli Mohlahli (46) oa ha Rafolatsane Mo...
14/03/2025

14 March 2025

O TSOHA A ROBETSE LE SETOPO

Ka La Tšelela Tlhakubele Monongoaha, Mohlahli Mohlahli (46) oa ha Rafolatsane Mokhotlong, o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Mokhotlong ka pel’a ’Maseterata Chonela, bochochising ba Mochochisi Lefisa, a qosoa ka polao ea motho.

Detective Women Police Constable (D/W/P/C) Itumeleng Baholo o bontšitse h**e ka La Peli Tlhakubele Monongoaha, ofisi ea habo e fumane tlaleho ea h**e ho na le mosali ea bolauoeng Ha Rafolatsane.

A tsoela pele h**e ba ile ba ea moo, ba fumana mofu a otlile ka sefahleho betheng; a le metopa-topa ’meleng, a ruruhile mahlo, molomo le ka mahetlenga a le metopa ea phafa. A re ba boetse ba fumane mofu a robehile molala, a e-na le mengoapo marameng le liphakeng.

D/W/P/C Baholo o re liphuputso li sibollotse h**e moqosuoa o ne a na le likamona tsa lerato le mofu. A re ba fumane h**e bosiung ba La Pele Tlhakubele Selemong sena, bao ba ile ba ea setokofeleng ba ntse ba hasa matšoafo ’moho, ke moo mofu a ileng a bontša a se a batla ho ea phomola ha hae empa moqosuoa a hanana le maikutlo ao.

O re moqosuoa a mo qobella ho lula fatše ka le reng ba tla tsamaea ’moho. H’a tsoela pele, a supa h**e ba fetse ba tsamaile ho ea ka taelo ea moqosuoa feela ba tsamaea le e mong motsoalle oa bona.

O re ha ba le tseleng, moqosuoa le mofu ba bile le qoaketsano, moo moqosuoa a ileng a shapa mofu ka kubu; a mo qobella h**e a ilo robala ha hae, eaba ba tsamaea empa eo a tsoha felletsoe ke bophelo.

Mohlahli o lletsoe ke litšepe ka La Peli Tlhakubele Monongoaha, ’me o hlahile lekhotleng ka letsatsi le boletsoeng. Lekhotla la mo laela ho emela nyeoe a le ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa, o tla boela a hlaha lekhotleng hape ka La 19 Tlhakubele Selemong sena.

Detective Senior Inspector (D/S/Insp) Daemane Mookameli Ofising ea Mafokisi Mokhotlong, o bontšitse a saretsoe haholo ke mafu a bakoang ke likamano tsa marato, tse sa hlapanyetsoang. O ipilelitse ho Basotho ho tlohela likamano tsa mofuta ona. A re likamano tsena, e se e le tsona mohloli o moholo oa lipolaeano ka har’a setereke sena.

13/03/2025

13 March 2025

MOKHACHANE OA IPEPISA SEPETLELENG SA MMUSO

Ngoanana ea tlalehoang a le lilemo li leshome le metso e robong,ho utloahala ha a ipepisitse maobane bosiu sepetlele Berea.

Tlaleho e re ngoanana o ile a bonoa ase anyametse a ntse ale mahlabeng ka hara sepetlele eaba oa shebuoa aseke a fumanoa,empa hoseng hoa kajeno keha mosali oa molebeli a fumana lesea le Salle ke serame ka forong le mma lona.

Ke moo a ileng a le phuthela ka selampa sa hae a le isa ka sepetlele kaha bane bantse bale ka jareteng ea sepetlele,motsoetse o fumanoe a se a fothotse litiripi tseo a neng a likentsoe ke sepetlele

13 March 2025MELAELLOA LEFUNG LA MOSALI OA MOKHETHOA OA TSIKOANE,O HLAHA KHOTLA KA BOSHOLU BA KOLOIBokang Mahlelehlele (...
13/03/2025

13 March 2025

MELAELLOA LEFUNG LA MOSALI OA MOKHETHOA OA TSIKOANE,O HLAHA KHOTLA KA BOSHOLU BA KOLOI

Bokang Mahlelehlele (35) oa Mohlabachane Bela-Bela, Berea o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Berea ka pel’a ’Maseterata Rantja, bochochising ba Mochochisi Tlali, ka La Tšelela Tlhakubele Monongoaha, a qosoa ka ho utsoa koloi le ho kena-kenana le matšoao a eona.

Puisanong le Inspector (Insp) Phole Masila eo e leng Mookameli oa Toantšo ea Bosholu ba Boqhobane le ba Makoloi, o bontšitse h**e ka Selemong sa 2022 ho ile hoa ba le koloi ea moetso oa Toyota Etios e tlalehoang e nyametse naheng ea Afrika Boroa, ’me ea fumanoa Lesotho Ngoahola, e bile e fetotsoe matšoao a eona. O supile ha moqosuoa a ile a e rekisetsa setho sa Sesole sa Lesotho, se ileng sa qosoa pejana.

Moqosuoa o hlahile lekhotleng ka letsatsi le boletsoeng ’me lekhotla le mo file beile ea M2, 000.00 eo a atlehileng ho e lefa, ’me o tla boela a hlaha khotla ka La Peli ’Mesa Monongoaha.

Insp Masila o ipilelitse ho masholu a makoloi ho tlohela ho utsoa makoloi kaha ke tlolo ea molao e bile le litla morao tsa teng, li le bolutu li bile li bakela malapa a bona bolutu le ho utloisa beng ba makoloi bohloko.

O bile a re le makoloi a utsuoeng, a lia moruo oa naha kaha a sa patale lekhetho kaha a sa latele methati e nepahetseng.

13 March 2025TLHOKOMELISOBasebelisi ba khoro ea Mmoteng ba hlokomelisoa ho qhoba ka hloka kaha hona le khofu entseng e s...
13/03/2025

13 March 2025

TLHOKOMELISO

Basebelisi ba khoro ea Mmoteng ba hlokomelisoa ho qhoba ka hloka kaha hona le khofu entseng e sebetsa ka hara tsela entse e pakolla sefako se seng se satsoa hona

12 March 2025TSEBISO!                                   TSEBISO!Monna ea hlahang setšoantšong, o ntse a batloa ke Sepole...
12/03/2025

12 March 2025

TSEBISO! TSEBISO!

Monna ea hlahang setšoantšong, o ntse a batloa ke Sepolesa sa Lesotho ka Ofisi ea sona ea Thibelo ea Bosholu ba Boqhekanyetsiba le Bomenemene, Ntlo-Kholo ea Sepolesa, Maseru. Pelaelo ke h**e monna enoa esale a nyamela ka chelete ea motho e M200.000.00 ka 2023, moo a neng a re ba kene khoebong ea thekiso ea mafura a makoloi , ba tsebe ho fumana phaello.

Sepolesa se kopa mang kapa mang ea ka tsebang moo a teng ho hlabela sepolesa patsana ka ho letsetsa linomoro tse fanoeng.

Sepolesa se laela Rampooana ho inehela hang hang litaba li fele.

12/03/2025

12 March 2025

TSA MACHABENG

AFRIKA BOROA

Ngoana ea lemo li peli oa ngoanana ho hlaha Afrika Boroa o tlalehoa a oele foletseng ale sekolong sa likonyana .

Matichere a re ngoana o oele a ntse a bapala le babang,joale batsoali ba batlile ho bona bopaki ho hlaha ho cctv eaba matichere a bolela h**e video ea nako eno ha eeo.

Re bua tjena ngoana a potlakiselitsoe sepetlele maemong a hae a bophelo a le mabe.

12/03/2025

12 March 2025

MOKHERANE TSATSANYANE LE MOENA OA HAE BA HLAHA KHOTLA KAJENO

Bara ba ntate TSATSANYANE eleng Mokherane le Moorosi Tsatsanyane ba hlahile khotla kajeno ka pelaello ea motho.

Ba bile ka pela Maseterata
e moholo Matankiso Nthunya moo teng ba neng ba qosoa ka pelaello ea motho,e ileng ea etsahala ka hara teropo ea Maseru.

Re bua tjena ele ha base ba kene koloing ea sepolesa e ba felehetsang hoea chankaneng. Ba ntse bana le monyetla oa ho ikopela bail lekhotleng le phahameng ka ha bail e amanang le litaba tsa polao e fumanoa teng fela.

U tla hopola h**e ke bekeng eona ena ka Mantaha hare ba bona ba lokollooa ke lekhotla mme kajeno ba itlalehile hona lekhotleng joalo kaha bane ba laetsoe.

12 March 2025TLHALOSO EA MAEMO A LEHOLIMOKajeno (12/03/2025): Le koahetse ka ho khetha libaka, ho futhumetse empa ho mah...
12/03/2025

12 March 2025

TLHALOSO EA MAEMO A LEHOLIMO

Kajeno (12/03/2025): Le koahetse ka ho khetha libaka, ho futhumetse empa ho mahareng ka maloting. Moea o foka o le bobebe ho isa o eba mahareng ho hlaha boroa-bophirima. Ho na le monyetla (30%) oa p**a mona le mane e ka khemang le lialuma. Ho ka lebelloa h**e le koahele ka ho khetha libaka, ho phole ho isa ho eba mahareng bosiu, ka moea o fokang o le bobebe ho hlaha leboea-bochabela. Ho na le monyetla (20%) oa p**a mona le mane.

Hosane (13/03/2025): Ho ka lebelloa h**e le koahele ka ho khetha libaka, ho futhumale empa ho be mahareng ka maloting. Moea o ka lebelloa ho foka o le bobebe le mahareng ho hlaha boroa-bophirima. Ho na le monyetla (40%) oa p**a e itjalileng e ka khemang le lialuma.

Address

Maputsoe

Opening Hours

Monday 09:00 - 17:00
Tuesday 09:00 - 17:00
Wednesday 09:00 - 17:00
Thursday 09:00 - 17:00
Friday 09:00 - 17:00

Telephone

+26657725445

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when NARE FM posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to NARE FM:

Videos

Share

Category