PREYA EVERYDAY PRAYER AND MOTIVATIONS BY Mr Blessing & Mokheseng

Prayers and support for Friends and Families in need.

Especially during this period:
- Funerals
- Poverty
- Unemployment
- Orphanage
- Disabled
- Disadvantaged
- Church support
- Education

22/05/2022
15/05/2022



Ngwaneso ere keofe mantswe a seikokotlelo..Sontaheng sena..ako bine le nna sefela sena..HAKE TSHELA NOKA ENTSHO..KE NYAHAMA KE TEBA..O NPALAMISE MAQHUBU..eish aktsebe h**e ke mang a reng..laka leeto le tletse maswabi..le npakela dipuo..lefa dira puo tse mpe ka nna..empa ke sitwa ho fetola tsena..hoba sefela sere...LEHA NKATLISA GAUTA TSA LEFATSHE KAOFELA..HADINA HO TADINGWA..HADINA HO NTOPOLLA..ako dule..empa oseke wa dula hole le ena..hoba leha kgaitsedi tsa LAZARO nese ba nahana ho fedile ka kgaitsedi ya bona..o ne ase hole..ebile o ne atseba seemo sa LAZARO jwaloka atseba sa hao..ere keo jwetse..hotla oyatla..leha maemo akao bodisa empa otloo hlatswa..otloo ntsha tsietsing tseo...🀞🀞

Modimo anpolokele wena kamehla yohle πŸ™
Sontaha se monate..se hloonofatseng..πŸ™πŸ™
β™₯️β™₯️β™₯️β™₯️β™₯️

15/05/2022

REA RAPELA

Ntate ako nketsetse tsela..hoba tsela tsa lefatshe hao moo dinkisang haese bhlokong le mahlomoleng.. Ntate ke kgathetse ho phela ka meokgo..ke lla mehla le matsatsi.. onketsetse tsela esa tsejweng..eo maswabi aka..akekeng ae tseba..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..Amen..Amen..πŸ™πŸ™

TSELA KAE BONA E NYOLOHANG..EKENA LEHODIMONG..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

15/05/2022

REA RAPELA

Ntate leha lefatshe leka nkapola..ka sala kele fela..la nka Mme..la nka Ntate.. family ya nphuralla..😭empa ake kese furallwe ke wena..ake ose ntloelle sera se etse borata ka nna..😭ntwanele tekong tsena..😭ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..Amen..Amen..πŸ™πŸ™

SETENG SEDIBA SA MADI..MATLA A SONA KE BOPHELO..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

12/05/2022

RE RAPELLA KGWEBO TSA RONA

Ntate kesaya hape..ake ke bitsetswe ke wena bareki le support.. Ntate eba wena thaotara yaka.. Ntate tsamaisetsa metsamayo kgwebong yaka.. Ntate kenya pokotong tsa bona tshehetso yohle eo kgwebo ena e hlokang..ake kese dule ka kgutla kele fela.. Ntate nka tshepa mang kgwebong ena ntle le wena..tsamaiso tsohle tsa kgwebo ena Ntate hadibe taolong ya hao.. Modimo ke kopa wena hona jwale..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..Amen..Amen..πŸ™πŸ™

HAOLE TENG..HAKE HLOKE TSEBO YA NTHO TSOHLE..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

12/05/2022

REA RAPELA

Ntate kese ke tswile ka makgetlo kgetlo..kelo zama bophelo bakeng sa lapa..empa ke kgutla ka maswabi..ha kajeno ekebe tsatsi lesa tshwaneng le ohle ao ke ileng ka swaba ka ona..ako nketsetse mohlolo..oho Modimo kea kopa..tadima lapa laka..ako bone bhloko boo keleng ho bona hle..oho Modimo kgutlisa fahleho sa hao..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..Amen..Amen..πŸ™πŸ™

KE TSHEPA MODISA..YA NDISANG KAMEHLA..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

12/05/2022

REA RAPELA

Ntate hola mmele le pelo yaka ya kgola ho baba..ka timellwa ke bao ke baratang..ka kgola maswabi..empa kesa ikokotletse ka wena Modimo waka..ompe onpepe ka thato ya hao..ka lebitso la Morena wa rona Jesu..Amen..Amen..πŸ™πŸ™

HALE PHIRIMILE O NNEHA BROKO..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

08/05/2022

A LETTER FROM BELOVED CHILD TO MOTHER

Dear MAMA

πŸ’žπŸ’žπŸ’žπŸ’žπŸ’• HAPPY MOTHER'S DAY MME WAKAπŸ’•πŸ’žπŸ’žπŸ’ž
Empa mama kena le dipotso tseo nka ratang hoo botsa tsona...
Ho hlokahala eng h**e KERE O MME WA SEBELE...dis MOTHER'S DAY

- Ana ke tshwanelwa keho etsa seo ka diPRESENTS🎁 tsa tura h**e onkgolwe..?
- Ana ke tshwanelwa keho isa DIJONG diRESTUARANTS tsa tura h**e onkgolwe..?
- Ana ke tshwanelwa keho rekela DIAPARO tsao tura h**e onkgolwe..?
- Ana ke tshwanelwa keho BUKELA BODY MASSAGE..h**e onkgolwe..?
- Ana ke tshwanelwa keho POSTER nepe tsa hao SOCIAL MEDIA h**e onkgolwe..?

Empa tseno kaofela dia nhlola.. MAYBE..le mantswe ana.. HAPPY MOTHER'S DAY haa ntshwanele kea BUWE..hoba hase nna fla ngwana wa hao..ba kgonang tseo..hao qete ho buwa ka bona..empa nna hao nsheba ekare hake Ngwana hao...πŸ˜”πŸ˜”

FROM YOUR BELOVED CHILD..πŸ˜”πŸ˜”
MAMA πŸ’• HAPPY MOTHER'S DAY πŸ’•

08/05/2022

MME EMONG ONA RAPELA TJEENA..πŸ‘‡πŸ‘‡

Oho Modimo..ako nkuke o nphamise jwaloka Mme haa kuka ngwana..ketle kebe haofi le pelo ya hao..ke tshabe lefatshe..hoba lefatshe lena..sele ile la npakela bhloko..ke ile ka kukwa ke Mme..empa ka sena sebaka..akase hlole asa kgona ho nkuka..ake ke kukuwe ke wena..ntlose boimeng le bhlokong ba fatshe lena..mpehe moyeng mohlomong ketle ke tsebe ho ithuta lefatshe kele shebile kele hodimo.. Ntate kea kopa.. Modimo kea rapela..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..Amen..AmenπŸ™πŸ™

O PALAMISE MAQHUBU..ONTSHIKE KA DIATLA..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

08/05/2022

πŸ’žπŸ’žπŸ’žπŸ’žπŸ’“πŸ’“ HAPPY MOTHER'S DAY πŸ’“πŸ’“πŸ’žπŸ’žπŸ’ž

Mama.. nkgono..maLOVE..babe.. sweetheart.. aktsebe bohloko boo keo bakelang bona kamehla..hoba hakena setlhare le tshwarelo elekaneng hoo hlobolla bhloko boo..empa ke rata h**e ho wena kajeno..I LOVE YOU..HAKE LETHO KANTLE HO LONA.. πŸ’žπŸ’žπŸ’žHAPPY MOTHER'S DAY πŸ’žπŸ’žπŸ’ž

08/05/2022

A LETTER AND A PRAYER..DIS MOTHER'S DAY..😭✍️✍️

DEAR FATHER (GOD)

Ntate hoja eteng tsela eo..nenka fihlisa LENGOLO lena ho wena kapele bona ba ponyo ya leihlo..enekaba thabo ekgolo ho nna.. Ntate nenka okopa h**e tsatsi lena fla..oke onketsetse tsena..πŸ˜­πŸ‘‡
- Hlokole meokgo ya bomme bohle tsatsing lena
- Imolla Mme ya imetsweng hona jwale tsatsing lena
- Timetse bhloko ho Mme ya hlokofetseng tsatsing lena
- Ako tlame leqeba la Mme ya lemetseng tsatsing lena
- Ako hlatswe bomme bohle bao lefatshe leba silafaditseng
- Fokotsa bohloko ba Mme a sepetlele tsatsing lena
- Ako tlose matshwenyeho a bomme bohle tsatsing lena
- Efa Mme emong le emong lethabo tsatsing lena
- Hlola le Mme yane a kgeswang..a bitswa moloi tsatsing lena
- Ako timetse WORRY ya bomme bohle tsatsing lena
- Akofe Mme emong le emong boiketlo le phomolo tsatsing lena
- Akofe bomme bohle lerato, mofuthu.. tsatsing lena

Ntate hoja ebe LENGOLO lena neleka fihla kapele ho wena..hona jwale..ekabe hose MME YA LLANG😭..MME YA HLOKOFETSENG😭..MME YA OPELWANG😭..empa kea tseba hoba THAPELO KE THAPELO 😭😭😭ETLA FIHLA KA NAKO YA YONA😭😭😭

HO WENA MME A NATEFETSWENG HONA JWALE..HOPOLA MME YANE ALLANG😭...WENA MME YA LLANG..TIMETSA MOHARO LE LEFUFA HOYA NATEFETSWENG😭..BOMME LE TSEBA HO PHUTHA..LE ELETSE..LE RATE..LE KOKOBETSE..LE LEBALLE..LE TSHWARELE..ESEKA LEKA ETSANA TSEO KAOFELA ELE LONA BOMME..😭😭😭

EISH AYE MODIMO..LOKISA PELO YAKA..HOBA KE TSHABA BOHLOKO BOO BOMME BA BANG BADUTSENG HO BONA HONA JWALE..KE TSHABA MAQEBA ABONA😭😭...AYE MODIMO..AKO ESEKABA NNA KAJENO A BUWANG MANTSWE ANA HO MME ENWA...HAO BUWE WENA...OKORE...πŸ’ž HAPPY MOTHER'S DAY πŸ’ž

πŸ’ž HAPPY MOTHER'S DAY πŸ’žπŸ’ž HAPPY MOTHER'S DAY πŸ’ž

SEFELA.. JEHOVAH MODIMO.. NTATE KEO TSHEPILE..NTATE OSE FELE PELO..HAKE TSHELA NOKA ENTSO..KE NYAHAMA KE TEBA..O NPALAMISE MAQHUBU..ONTSHIKE KA DIATLA..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

πŸ’žπŸ’ž πŸ’“πŸ’“πŸ’•HAPPY MOTHER'S DAY πŸ’•πŸ’“πŸ’“πŸ’žπŸ’ž

24/04/2022

REA RAPELA

Ntate akomphe mphe matla hohlwa moepa wa tswelopele bophelong baka.. Ntate esele dilemo kere ke nka kgato.. empa ke ithole ke boetse morao ha sekete..aktsebe sena se npusetsang morao.. aktsebe sena se ntsh*tisang..ako nthuse honka kgato e nepahetseng.. Ntate ke kgathetse keho kgutlela morao.. Modimo ke rata hoya pele..ke hloka hoya pele..nthuse ke tswelepele..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..Amen..AmenπŸ™πŸ™

LEFELLENG MOO KE TSAMAYA..HO LAHLEHA DITJHABA TJHABA..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

24/04/2022

REA RAPELA
BOSIUNG BONA..

Ntate mpate dintweng tsohle tseo ke hlotsweng hodi hlola..ompate mererong yohle ya bolotsana bosiung bona..ala mealo ya hao..pele ke ala yaka..otlo nkapese ka mehau le kgauwelo ya hao..tima lebone la dira bosiung bona..ba npatle..base nthole..hlakola bitso laka melomong ya bona..oba timeletse ditsela bosiung bona tse tlang di ntobile..hoba hao..eo nka mokopang haese wena..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ.. Amen.. Amen πŸ™πŸ™

MPATE KA ATLA TSA HAO..BOSIU BOBE BO FETE..HOBA O MORATI YA NTHATANG..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

24/04/2022

REA RAPELA

Ntate bona keo bitsa hara lefifi..hoba bophelo baka bo hlabisa dihlong..keo bitsa kesa phaila ka mmila..hoba akena motse.. fahleho saka se tletse meokgo..pelo yaka..esisa ke bhloko.. utlwa lentswe laka le tabohang ha bhloko.. Modimo ke phela mahlomoleng..ke hloka kgutso..ke hloka kgotso..ke robala ka meokgo..ke tsowa ka meokgo..ana wa nthata na..??ana osa ntseba na..??oreng ka nna..??oreng ka maemo aka na..??haebe ke pheletso yaka ena.. phakisa ontate..se nphetole setsheisa sa lefatshe lohle..😭😭😭 Amen.. Amen πŸ™πŸ™

KEMPA KE SANTSE KE KGASA..CHEISITA LE JWALE..MATSWALO ASA NHLOKISA TUMELO..YA SEBELE..😭😭KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

24/04/2022

REA RAPELA

Ntate tlosa ho nna ho hlora le bodutu..ako lokolle metsamao yaka..lokolla ditjhelete bitsong laka.. lokolla msebetsi bitsong laka..lokolla katleho bitsong laka.. lokolla tswelopele yaka..kea kopa Ntate..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ.. Amen.. Amen πŸ™πŸ™

NKAPESE KA MATLA..WENA KA SEBELE..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

24/04/2022

REA RAPELA

Ntate nkgopole hosane..rameng tsena le metjhesong ena..o hopole ho npuelela msebetsing..bahlorising baka.. tsela tsaka..dike ditlale kganya..lapa laka le bone lethabo..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..Amen..Amen πŸ™πŸ™

MODIMO RE BOKA WENA.. TSOHLE DI ETSWA KE WENA..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

24/04/2022

Motho akao etsetsa bhloko ka makgetlo..ha qeta aba lebelletse wena o motshwarele simple..de way ene abatlang...🀞🀞

24/04/2022

Ke sitwa hoba seo ba batlang kebe sona.. empa ba tlile ho Nna..hoba kele seo..keleng sona...πŸ™Œ

Ebile seba npitsa ka mabitso..hoba ba sitwa ho ntaola..πŸ™ŒπŸ™Œ
Ke laolwa ke Modimo...πŸ™ŒπŸ™ŒπŸ™ŒπŸ€ž

24/04/2022

Wa bona nthong tsohle.. Modimo haya o etsetsa pain..🀞🀞empa o tiisa ho dima pain..🀞🀞
Oteng aka pakang mantswe ana
πŸ™ŒπŸ€žπŸ™Œ

18/04/2022

MOKGOTSI WAKA
MAMELA HLE...πŸ€”βœοΈβœοΈ

Bhloko ba dintho tsa di plan(meriana/ditlhare) monga tsona o dula a tshoile h**e hoka nna ha fela neng kapa neng..🀞ha wena olliswa ke ho thetswa ke mahlo a hao..eka motho eo.. Modimo omo putsitse..wa lwana le Modimo leha asa arabe..a thotse..nthwane ya h**e yena motho eo ke motswalle..omotsebang..empa osa tsebe h**e sephiring o etsang..πŸ™Œeseka wena Modimo hao rate..yes..hao ratele ntho tse jwalo.. aktsebe ke buwa le mang..??

REA RAPELA
Ntate aktsebe ke nna le mang ba tsamayang bothateng bona..empa re bangata Ntate..eseka rona olebetse ka rona..eseka rona..ore furalletse..eseka boteng ba rona lefatsheng mona hao botsebe..hobane re tatile.. Ntate hare rate ho hlolwa..empa kajeno re kgumame ka maswabi..ka fahleho tse swabileng..hoba le hoja re ile rao supa diphoso.empa ke rona bafositseng..re pate mekgweng eseng yona..re tiise tshepong ya hao..rese lahlwe le ho tawa ke dintho tsa lefela..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..Amen...AmenπŸ™πŸ™

KENE KE MATHELA LEFU..KESA TSHABE MODIMO..O MOHAU WA MODIMO..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

15/04/2022



Ngwaneso ere keofe mantswe a seikokotlelo..batho ba thabela hoo bona o sokola..o lla..osena niks..le hoja motho osa moetsa niks..empa akao hloya..motho ao rerela bora le bolotsana..le hoja okaba molemo hakae ho motho..empa yena motho eo..akeke a tshaba ho nka lerumo hoo hlaba..le hoja ekaba ngwaneno.. motswalle..leloko..motho akao hloya..le hoja o SHERA ntho engwe le engwe le ena..emong oja le ena..o robala le ena..empa pelong ya hae..ho tletse bora..haa kgotsofale..o jealous..empa ho teng yao ratang..yao lwanelang..ya tshireletsang..yena otsejwa ke dira tsa hao..o bonwa ke tsona..wena o mmona ka mesebetsi e metle bophelong ba hao..hoba leha akaba silent..empa oteng..yena ke Jesu hoba o hlotse lefu..bakeng sa rona bohle..πŸ™ŒπŸ™ŒπŸ™ŒπŸ€žπŸ€ž

Modimo anpolokele wena PASEKENG ena... πŸ™πŸ™
Bosiu ba PASEKA bo monate..bo hloonofatseng..πŸ™πŸ™
β™₯️β™₯️β™₯️β™₯️β™₯️

15/04/2022

PASEKENG ENA
MANTSWE KEA SUPILENG (LEETO LAKA LE WENA)

1- NTATE OBA TSHWARELE
Hoba kajeno haksana Mme..haksana bana beso..hoba ke rwakiwa ke family eso..ke bitswa moloi..aksana lebitso..seke bitswa eo.. NTATE OBA TSHWARELE..hoba aksana lenyalo..haksa sebetsa..πŸ™ŒπŸ˜”

2- OTLABA LE NNA PARADEISING
Lehoja ho jewa papa ka dikgapa..empa otlaba le nna..le hoja hokeke haba le bethe..le hoja hokeke haba le dikobo..empa otlaba le nna..Jesu a re.. Kannete kere ho wena..otlaba le nna..leha baka a siko..empa nna ke teng..leha dintho dikaba siko..empa nna ke teng..keo lokiseditse paradeisi..πŸ™ŒπŸ˜”

3- BONA MMAO KE EO..
Bona..ho teng MME pela hao..akekeng ao tlohela..leha dintho dika tloha..empa ena oteng..hoba ke ena..eo etlore hao lla..ao kuke..eo etlare lefatshe..leo shapa..a otle lefatshe..πŸ™Œ

4- MODIMO WAKA, O NTLOHELETSENG(ELI ELI..)
Yoh Modimo waka..ontloheletseng..hotloha ka Ngwanaka wa pele..ho isa..hao ya phelang 😭.. ontloheletseng o bona hake sebetse 😭..o ntloheletseng o bona h**e lapa laka la feela..😭 ontloheletseng o bona h**e kea lapa..kea sokola..😭😭

5- KE NYORILWE
Ke nyorilwe hoba le motse..hoba le plek yaka..ho itshebeletsa..ho pasa thuto tsaka..ho thola lenyalo..ho utlwa monate le lerato la hao Modimo waka..ho dula thusong ya hao..hoo tseba..hakeo hloka..πŸ™ŒπŸ˜”

6- HO PHETHEHILE
Ao Modimo seke rapetse..ka lla ho wena..ka etsa tsohle..hose ho setse wena fla..fihla jwale..😭

7- NTATE KE NEHELA MOYA WAKA HO WENA
Leha kesa tseba molemo le mnate wa lefatshe..ke ile ka phela bhlokong le mahlomoleng..mmele waka..pelo yaka..tsa hloka phomolo..empa jwale Modimo keofa ntho e kgolo..keo neha moya waka..hoba seke ile kao neha sehlabelo saka..kao neha MMELE..kao neha PELO..jwale keo neha moya..πŸ˜­πŸ˜”

REA RAPELA
Ntate Jesu mantsweng ana a supileng o qala ka Ntate..ebile o qetela ka Ntate.. Modimo le hoja rekeke raba Jesu ho wena..empa resale bana ba hao..le hoja rekeke Ra thariswa sefapanong..empa lefatshe lere tharisitse..le hoja rekeke ra tsamaya mehlaleng ya Jesu..empa resa tsamaya leetong la Jesu..hao mang eo reka mmitsang..ntle le wena..re hopole mahlomoleng ana..retle re pholohe bhloko le mathata a mehla ena..re tsebe ho kena paradeising mmoho le Jesu..ho o Modimo akekeng a re tlohela..o Modimo asa robaleng hare robala..o Modimo wa mehla yohle..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..fetola maemo a rona..Amen..AmenπŸ™πŸ™

JO LEFIFI LEKAAKANG..LE APARETSENG LEFATSHE..JOO BOTSHO BO HLOMODISANG..LETLA CHABA NENG LETSATSI..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

15/04/2022

Rele LAKALETSA PASEKA E MONATE..le keteke ha mnate ka kgotso DIKEREKENG tsa Lona..πŸ™πŸ™

Modimo anpolokele Lona ka mosa le mohau wa hae
Melemo yohle etle ele atele..πŸ™πŸ™

12/04/2022

REA RAPELA

Oh Modimo le hoja tsatsi le tshaba..empa hake tsebe tsa lona..ke tseba hoba le nna ke tshwanetswe ke melemo yohle le lethabo..ntukisetse pele ho dira tsaka..tsela tsaka..ditle di hlweke..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..Amen..AmenπŸ™πŸ™

MORENA KEO TSHEPILE..O LEFIKA LA KAMEHLA..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

12/04/2022

REA RAPELA

Ntate thusa maiteko aka kamehla haketswa..ho iketsetsa..leho leka bophelo..nako tse ding ke kgutla ka NIKS..ke kgutla ka maswabi..ako thuse maiteko aka..ase felle mahlong aka..empa atle a lelefale a fihle bakeng se nepahetseng..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..Amen..AmenπŸ™πŸ™

NKAPESE KA MATLA..WENA KA SEBELE..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

12/04/2022



Ngwaneso ere keofe mantswe a seikokotlelo..hopola h**e bophelo ba hao..habo taolong ya batho ba duletseng ho buwa kaaka ka wena..ona le matla ohle ho etsa eng kapa eng ka bophelo ba hao..empa seke wa iphethola lekgoba la batho..jst hoba obatla ho kgotsofatsa motho..ikemele Ngwaneso..ho lokile ho hloleha..empa okeke wa hloleha kamehla..hafela o pheella ho leka.. Modimo o ofa 24hours ho etsa ntho tsohle h**e o kgone ho itshetsa pele..ska senya nako ya hao..o entertainer batho..aha bophelo ba hao.. Modimo ke mosebetsi wa hae..hoo thusa..πŸ™ŒπŸ™ŒπŸ™ŒπŸ€žπŸ€žkeo rata ho feta ntho tsohle..πŸ’•πŸ’•πŸ€ž

Modimo anpolokele wena kamehla yohle πŸ™πŸ™
Bosiu bo monate..bo hloonofatseng..πŸ™πŸ™
β™₯️β™₯️β™₯️β™₯️β™₯️

11/04/2022

REA RAPELA

Ntate tlosa ho nna lefifi le ntimang ho bona tswelopele yaka..le katleho yaka..bonesetsa ka mabone a kganyang matla le boholo ba hao..lefifi le timelle ruri mahlong aka..ketle ke ebone tsela..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ..Amen..AmenπŸ™πŸ™

SEDI LAKA..NPONESETSE TSELA..KE TSAMAYE..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

11/04/2022

REA RAPELA

Ntate ha mohau wa hao..oko ofete merero yohle ya bobe bophelong baka..nkapese ka lereko..okalose ho lokeng ha hao..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ...Amen..AmenπŸ™πŸ™

JWALE KE BONE SEDIBA SE MAPHODI..SE MNATE..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

11/04/2022



Ngwaneso ere keofe mantswe a seikokotlelo..ako tlohele ho dula olla..tswa okolo leka...tswa..akofe Modimo TASK ya h**e a thuse ho fumana msebetsi.. lenyalo.. lethabo.tswelopele..tlowela ho phela ka mehau..eka hoja o sitetswe Modimo..tswa.. tsamaya..wabo haotswa..jwetsa Modimo wa hao..h**e Modimo wabo haketswa tjena..ke mosebetsi wa hao h**e ke kgutle ke thotse mosebetsi..ke thotse lenyalo..ke thotse lethabo..ke thotse tswelopele..oska moleka Modimo..mokope..buwa le ena.. tsatsi le Leng..otsa njwetsa..ena Modimo abutsi lemati lane esale otshaba ho kena ho Lona..πŸ™ŒπŸ™ŒπŸ™ŒπŸ€žπŸ€ž

Modimo anpolokele wena kamehla yohle πŸ™πŸ™
Bosiu bo monate..bo hloonofatseng..πŸ™πŸ™
β™₯️β™₯️β™₯️β™₯️β™₯️

10/04/2022



Ngwaneso ere keofe mantswe a seikokotlelo..keo tise tumelong.. mamela keo jwetse..ntho tse ding..di etseditswe hoo feta..leha dikoba molemo hakae mahlong a hao..empa haesobe nako ya hao..ere keo jwetse seritsa yaba se dutse thoko ho noka..leha lenyeloi le fuduwang kwetsa le fihla..empa le ile la nna la feta seritsa sena..empa haowaka hwa fella moo..πŸ™ŒπŸ™Œle wena..leha dika feta.bao feta..empa tsa hao..haditle ka DIRECTION eo..Tjooo.. mamela ska nyahama..tsa hao..hadi tsamaye ka tsela eo wena o nahanang...🀞🀞 bible ere seritsa haseaka sa kena metsing..empa se ile sa fola..le wena..eteng tsela..dula otshepile kamehla...🀞🀞

Modimo anpolokele wena kamehla yohle πŸ™
Sontaha se monate..se hloonofatseng..πŸ™πŸ™
β™₯️β™₯️β™₯️β™₯️β™₯️

09/04/2022

REA RAPELA

Ntate moo ke tsamayang..hosale thata..hosale boima..na ebe nka jwetsa mang..??ntle le wena..??ntlele ka tumelo le tiiseletso..ketle ke fihle moo..ketlang ho lebala bohloko le dillo tsaka..ka lebitso la Morena wa rona Jesu Christ.Amen..AmenπŸ™πŸ™

EFELA O DUTSE JWALO.. ESALE ONTHATILE..ONPHODISITSE MATSWALO..KA CHRIST MORENA πŸ™πŸ™πŸ™

DULA LE RONA BLESSING & MOKHESENG (TSHEPONG YA MODIMO)

Address

Phutaditjhaba
9866

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when PREYA posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Videos

Share

Category