17/10/2024
Bosiu ba maobane ke lorile hona:
Makoloi a 8, a arohantswe ka 4. Mme hona le batho ba nkateng ke manyeloi, ba tlile lefatsheng ho a lekola, mme bona ba kgotsofetse ke ona makoloi ao. Ka nqenngwe hona le batho ba bangata ba apereng aparo tse kgubedu. Mme bona aparo tsa bona tsa fetoho hoba ntsho. Ebile ke se ke ba bonela hole; yaba ke hlwekisa e nngwe ya koloi yane ya tse a rohantsweng ka bone. Ntho e makaditseng keha ke nka pene ke ngola ka Mongols o moholo o reng:
JESUS IS COMING, JOINING US!
hang yaba ke fellwa ke boroko.
HLAPHOLLO YA TORO!
Makoloi a 8, a arohantsweng ka bone. Ke sehlopha sa pele, sa bao, ba ntseng ba etsa hantle bao mohla mmuso wa Morena Jesus, o tlang bao batlang ho busa le yena; ba 14444. Ho makoloi a arohaneng ka bone, e nngwe kene ke hlwekisa! Ho boelela h**e re: Re lekela ho ithokisa ka nako tsohle. Re itlhwekisa jwang na? Banabeso hao letho leo le ka rehlwekisang mona lefatsheng, ntle le Lentswe la Ntate Modimo, e leng h**e re lokelwa ke ho dula re bala Lentswe la Ntate Modimo, ka nako tsohle, mme ke lona fela le tla re hlwekisa. Batho be kang manyeloi, ba tlile lefatshen! E bile ba kgotsofetse. Nnete ke h**e ke sesopa sa h**e matshwao a ho tla ha Morena Jesu, a se a bonahala ka botlalo, ke kahoo re bonang dipolao tsa batho, mafu, lerato le fedileng, baprofeta ba bohata, dintwa tse sa feleng, le tsohle tse bontshang ho tla ha Morena Jesu. Mongolo o reng! JESU IS COMING JOINING US!
Ke taba ya hlokomediso ho bohle, bao bantseng ba tshwere hantle, ba dule ba lokile ka nako tsohl.
HLOKOMEDISO.
Banabeso, ha re lahleng tsohle re dule re hlokometse, watla Morena Jesu.