27/07/2025
O ROLOA KE PELO
Limakatso Nkabi – PHQ
Lerotholi Mojela (40) oa MA*OWE I, Maseru, o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Maseru, ka pel’a ‘Maseterata Qhomane, bochochising ba Mochochisi Sefali, ka La 22 Phupu Monongoaha; a qosoa ka tšenyo ea thepa.
Puisanong le Sergeant (Sgt) Letlala Letlala ho tsoa Ofising ea Lipatlisiso Maseru e ka Thoko ho Toropo, o re ka La Robong Phupu Monongoaha, ofisi ea habo e fumane tlaleho ka lehlatsipa, e bontšang moqosuoa a chaisitse koloi ea lona.
O re moqosuoa le lehlatsipa (43) oa Ha Motloheloa, Maseru, ba ne ba le sepoleseng ho lokisa litaba tsa bona ka ofising ea Taolo ea Sephethephethe, ke moo e itseng ha moqosuoa a tsoa ka moo, a ileng a chaisa koloi ea lehlatsipa.
Sgt Letlala o re lipatlisiso li utullotse hape h**e moqosuoa, ba ’moneng ha chaisa koloi eo, ba ’motsa h**e na o etsetsang joalo, ke ha a bontša a etsa ka boomo, a iphethetsa.
Moqosuoa o fuoe ho itefella beile ea M500.00 eo a atlehileng ho e lefa. O tla boela a hlaha khotla ka La 18 Phato Monongoaha.
Sgt Letlala o ipilelitse ho batho h**e moo ba sa utloanang, ba se ke ba inkela molao matsohong kapa ho iphetetsa. A re batho ba joalo ba tsoele pele ho batla boeletsi.