Radio Lesotho 90.8 to 106.1megahertz

Radio Lesotho 90.8 to 106.1megahertz Radio Lesotho is a national radio station broadcasting 24/7 hours.

It's main objective is to entertain, entertain and give information on time to the inhabitants of Lesotho.

Lekala la bosebeletsi ba sechaba, khiro le bosebetsi le fane ka taelo lekaleng la puso ea libaka, borena, litaba tsa leh...
25/07/2023

Lekala la bosebeletsi ba sechaba, khiro le bosebetsi le fane ka taelo lekaleng la puso ea libaka, borena, litaba tsa lehae le sepolesa h**e bahlanka ba lekala ba hiruoeng ka likonteraka, ba tsoelepele ho fumana meputso ea bona ho fihleletse ho phethetsoe litaba tsohle tse amang le khiro.

Sena se bolela h**e basebetsi ba home affairs ba likonteraka, ba tlo fumana meputso ea bona.

25/07/2023
Lekhotla la khaso la naha le khakotse nomoro e sa lefelloeng ea mekhosi.*80093030Whatsapp *63221133Nomoro e na e letsets...
25/07/2023

Lekhotla la khaso la naha le khakotse nomoro e sa lefelloeng ea mekhosi.

*80093030
Whatsapp
*63221133
Nomoro e na e letsetsoa ka nako tsohle.

Ho na le monyetla oa ho khetheha hoa lehloa libakeng tse phahameng, ho tloha Moqebelo bosiu ho isa Sontaha, le p**a mona...
25/07/2023

Ho na le monyetla oa ho khetheha hoa lehloa libakeng tse phahameng, ho tloha Moqebelo bosiu ho isa Sontaha, le p**a mona le mane libakeng tse ling.

23/11/2021

Hosane letona la lichelete Mohlomphehi Thabo Sophonea, o tla fana ka litlaleho le likhakanyo tsa lichelete tsa bohareng ba selemo. Sena ke selemo sa bobeli ka tatellano ‘muso o fana ka likhakanyo tsa mofuta ona, ‘me taba ena e ile ea thoholetsoa haholo ha e qala ho etsahala ngoahola.

Sechaba se ka lebella eng puong ea letona la lichelete, e tlang ho supa h**e na ho ntse ho etsoang ho hlola liqholotso tseo tse ileng tsa hlalosoa qalong ea selemo?

Boesa, re tlo buisana le setsebi sa poloko ea libuka tsa lichelete monghali Lebohang Thotanyana ho hakanya seo letona leka se bolelang puong ea hae.

Whatsapp: 62993000
Calls: 22316429/0026659933

12/11/2021

Seboping 12.11.2021

1. Mokhatlo oa Development for Peace Education [DPE] o bile le thupelo ea bahlanka ba ona ba sebetsang libakeng tsa kentelo ea covid 19. DPE e ne e rupela bahlanka bana ka litaba tsa covid 19 haholo holo ho hlakola mafosisa a ntseng a jaloa mabapi le litaba tsa ente ea covid 19 a ka sitisang Sechaba ho re se qetella se entile.

Hobaneng o sa entele kokoana-hloko ea corona?

2.Mokhatlo oa Transformation Resource Center TRC, o phethetse tlaleho holima boemo ba t’sireletso le khatikelo ea litokelo tsa mantlha tsa botho kahare ho naha, e tla romeloa ho Komisi ea T’sireletso tsa litokelo tsa mantlha tsa botho ea Afrika. Tlaleho eo e bopiloe ke TRC ka kopanelo le mekhatlo e meng e loanelang t’sireletso ea litokelo tsa mantlha tsa botho kahare ho naha.

Na u utloisisa litokelo tsa mantlha tsa botho? Boemo ke bofe kahare ho naha?

22316429/0026659933
Whatsapp line: 62993000

10/11/2021

11.11.2021

Karolo engoe ea bapolotiki bao eleng litho tsa lekhotla la naha la tlhopho bocha e seboko ke ts'ebetso ea molula setulo oa NRA. Boesa re buisana le bona ho utloa sello sa bona.

Maikutlo a hau, na NRA e sebetsa ho latela thomo ea eona?

#22316429/0026659933
WhatsApp hotline 62993000
Or comment here.

08/11/2021

09.11.2021

Molaoli oa sesole sa Lesotho o bile kopanong ea balaoli ba masole a linaha tse rometseng masole a tsona Mozambique ho ea qaea sechaba khotso. Boesa, re buisana le Lieutenant General Mojalefa Letsoela ho fumana mats'ela-nokana.

Re letsetse ho:22316429/0026659933
WhatsApp line:62993000

04/11/2021

Nomoro ea Whatsapp ea mananeo a litaba e khutletse ts'ebetsong (62993000).

Re kopa tso'arelo ka ts'etiso e e e bakileng bosiuong ba eona🙏🏽🙏🏽🙏🏽🙏🏽🙏🏽🙏🏽

27/10/2021

28.10.2021

Lekhotla la naha la tlhopho bocha (NRA) le e ntse sehlomathiso sa molao se supang h**e litulo tsa mabatooa li be mashome a ts'eletseng(60) ha 'moho le tsa khekhethane. Karolo engoe ea sechaba le bapolotiki e re sehlomathiso seo se ha se molemong oa sona kaha litulo tsa khekhethane li tlo eketseha e leng se khahlanong le maikutlo a sona. Lenaneong la seboping, re memme moetapele oa lekhotla la kopano ea sechaba (AD) mohlomphehi Monyane Moleleki le mohlomphehi Limpho Tau (ea hananang le sehlomathiso seo) ho hlalosa h**e na e be taba eo e ka fihleloa joang.

Maikutlo a hao ke a fe?
#22316429/0026659933

24/10/2021

25.10.2021

Ho ea ka puo ea maoba ea mohlomphehi tonakholo Dr. Moeketsi Majoro, 'muso o hloaile lits'ebeletso tse itseng tseo ho tsona motho a tla hlokoa bopaki ba h**e o entile pele a fumantso'a lits'ebeletso tse joalo. NACOSEC le sepolesa se palamemg sa Lesotho e tla fana ka foromo e ikhethang ho beng ba libaka h**e basebeletsuoa ba ngolise ho tsona ka (vaccination certificate or card) le tokomane ea boitsebiso ID. Tsena tsohle li tlo kenngoa ts'ebetsong ka la 01 Pulungoana monongoaha.

Re buisana le monghali Thabo Ntoi ho fumana h**e na boitlhopho bo ha kae.

#22316429/0026659933 kapa o nts'e maikutlo a hao hona mona.

POLELO EA LETONA LA LIKHOKAHANYO MAHLALE LE TS'EBELISO EA ONA MABAPI LE HO KHAOHA HA RADIO LESOTHO
22/10/2021

POLELO EA LETONA LA LIKHOKAHANYO MAHLALE LE TS'EBELISO EA ONA MABAPI LE HO KHAOHA HA RADIO LESOTHO

18/10/2021

05:30-07:30

Bacha ba Lesotho ka seo ba bitsang Bacha-shutdown esale ba ngolla mohlomphehi tonakholo lengolo leo ka lona ba thathamisitseng mathata a bacha ba naha ena. Ho fihlela lena, bacha ba re ba ntse ba so fumane karabo. Lenaneong la seboping, re memme boemeli ba komiti ea ofisi ea tonakholo eo mohlomphehi tonakholo a ileng a e theha ho sebetsana le lillo tsa bona le boemeli ba 'muso ka phala ea ona mohlomphehi Sam Tso'inyana Rapapa ho fumana h**e na se khutlile lejoe ho kae.

Re letsetse ho:22316429/0026659933
Kapa o sebelise sethala sena ho botsa lipotso ka ho hlahisa maikutlo a hao!

14/10/2021

Mamela lenaneo la Re Otlolla Taba kajeno ha tali e ants'a. O ka boela oa sebelisa sethala sena ho botsa baeti lipotso.
#22316429
#0026659933

Hang ho ba nomoro ea Whatsapp e loke, re tla le tsebisa.

sa sechaba

Address

Lerotholi Road
Maseru

Telephone

+26622316429

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Radio Lesotho 90.8 to 106.1megahertz posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share

Category


Other Radio Stations in Maseru

Show All