28/09/2025
O EA LE SEPHUME SA BOROKO H’A QETA HO HLEKEFETSA LEHLATSIPA
Thembeni “Qhomisa” K**a (28) oa Thamathu, Sehlaba-Thebe Qacha’s Nek, o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Qacha’s Nek ka la 24 Loetse 2025, a qosoa ka tlhekefetso ka motabo. O fuoe monyetla oa beile ea M1,000.00 le ho beha paneng M 5,000.00, tseo a palletsoeng ke ho li lefa ’me o tla boela a hlaha ka pel’a lekhotla ka la 7 Mphalane 2025.
Detective Police Constable (D/P/C) Morena Hloaele oa ofisi ea Tšireletso ea Bana le Tekano Motebong oa Sepolesa Sehlaba-Thebe, o itse ba amohetse tlaleho ka lehlatsipa (24) ka la 21 Loetse 2025, a itšela ka likeleli a re moqosuoa o mo hlekefelitse ka motabo.
O bontsitse ha ba ile ba tlola matjato a masesane ho batla ’moko taba, ’me liphuputso tsa bona li utullotse ha mesong ea letsatsi la ketsahalo, moqosuoa a ile a qhaqha lemati la rontabole ka moo ho robetseng lehlatsipa. A kena, eaba o le hlekefetsa ka motabo a ba a ea le sephume sa boroko hona ka moo.
D/P/C Hloaele o re lehlatsipa le ile la nyenyelepa, la tsoela ha mohaisane ’me la mo tlalehela. Ke moo moqosuoa a ileng a khola phalo h’a utloa batho batla ba bua ka ntle. O tšoeroe ke Mahokela hoseng hoa lona letsatsi leo.
Sub/Inspector (Sub-Insp) Ntoampe Thamae hona Sehlaba-Thebe o ipilelitse ho bohle h**e ba tšireletsane metseng. Banna ba etse ka hohle h**e ba tšireletse basali le bana khahlanong le tlhekefetso ka ha ba se ntseba le tlokotsing ka bo bona.