Leholi news24

Leholi news24 Leholi news24 ke koranta e phatlalatsang litaba tsa morao-rao tse etsahalang lefats'eng ka bophara. Hape Leholi ena le phatlalatso ea likheo tsa mesebetsi.
(1)

Sheba lits'oants'o tsena tse peli hantle tsa koloi e le ngoe U bona e ka sets'oants'o sa maiketsetso ke sefeng?
12/01/2026

Sheba lits'oants'o tsena tse peli hantle tsa koloi e le ngoe U bona e ka sets'oants'o sa maiketsetso ke sefeng?

USA12.01.2026   //18:34hrs Litaba ka lits'oants'oBona lenong ka sefofane sa ntoa sa mofuta oa B-2 Stealth bomber se ilen...
12/01/2026

USA
12.01.2026 //18:34hrs

Litaba ka lits'oants'o
Bona lenong ka sefofane sa ntoa sa mofuta oa B-2 Stealth bomber se ileng sa sebelisoa ke Linaha tse kopaneng tsa Amerika (USA) ho choatla litsi tsa matlafatso ea uranium naheng ea Iran nakong e fetileng.

12/01/2026

U ne u ka nahana h**e ANC e ka mema litho tsa RFP meketeng ea tsona Afrika-boroa?. Likhetho li atametse...

USA12.01.2026   //18:10hrs Litaba ka bokhuts'oaneMoperesitente oa Linaha tse kopaneng tsa Amerika(USA) o tlalehoa a joet...
12/01/2026

USA
12.01.2026 //18:10hrs

Litaba ka bokhuts'oane
Moperesitente oa Linaha tse kopaneng tsa Amerika(USA) o tlalehoa a joetsitse Mophatlalatsi oa litaba oa CCN, Kit Maher h**e o tla bonts'a Iran tosa le malinyane a eoba

Mohl. Donald Trump o phahelletse ka h**e ha Iran e ka hlasela liahelo tsa Sesole sa linaha tsa habo ka liqhomane linaheng tsa Middle East, o tla e fafatsa ka sefako sa liqhomane se so bonoe lefats'eng.

Trump o boetse a supa h**e o tla phura leshoetla le Elon Musk ho hokela internet ea starlink Tehran.

Sena se tla kamorao h**e 'muso oa naha ea Iran o pome internet ka sepheo sa ho honyetsa puisano ea baipilaetsi Tehran.

Mohloli oa litaba ka CCN International

12/01/2026

Ha Donald Trump a kaba le mohopolo oa ho qhautsa Vladmir Putin,Russia. U bona e ka o besa oa tuka?

MIDDLE EAST12.01.2026   //15:08hrs USA E ROMELLA LIFOFANE TSA SESOLE LINAHENG TSA MIDDLE EAST...Iran e loetsa lithebeLin...
12/01/2026

MIDDLE EAST
12.01.2026 //15:08hrs

USA E ROMELLA LIFOFANE TSA SESOLE LINAHENG TSA MIDDLE EAST...Iran e loetsa lithebe

Linaha tse kopaneng tsa Amerika (USA) li tlalehoa li romella lifofane tsa sesole tse thothang thepa le masole linaheng tsa Middle East.

Sena ke hoea ka tlaleho ea Open Source Intelligence kala 12 Pherekhong 2026.

Hara mehohoma ea lifofane tsa sesole sa USA tse otlang moea ka lipeta ho leba linaheng tsa Middle East li kenyeletsa C-5, C-17, KC-135 Stratotanker le KC-46A Pegasus.

Sena se etsahala nakong eo sesole sa naha ea Iran se tsoileng lets'olo ho lohetsa lithebe tsa sona(air Defence systems).

Hosale joalo, Moperesitente oa USA mohl. Donald Trump o ile a supa pejana h**e o ntse a sheba mekhoa ea ho lamolela baahi ba Tehran ba ipelaetsang khahlanong litjeho tsa theko ea lijo tse phahameng le moruo o kikitlelang ka sesole.

Ka lehlakoreng le leng Iran e ile ea bonts'a h**e e tla choatla lihahelo tsa sesole sa naha ea Israel le tsa USA linaheng tsa Middle East ka limisaele ha sesole sa Amerika seka e hlasela.

Mohloli oa litaba ka War today.

PAPATSO12.01.2026   //14:44hrs Thamae Tombstone e rekisa majoe a mabitla a matle haholo ka litjeho tse amoheleng.Re fihl...
12/01/2026

PAPATSO
12.01.2026 //14:44hrs

Thamae Tombstone e rekisa majoe a mabitla a matle haholo ka litjeho tse amoheleng.

Re fihla hohle kahara naha ho fana ka lits'ebelletso tse tsoileng matsoho.

Re fumaneha Mathokoane, Lepereng, Maseru.

Bua le rona linomorong tse latela re u thuse Mosotho oa heso;

+266 6291279(Whatsup) / 50975771

12/01/2026

LESOTHO : Moafrika FM e khaohile ka bochabela. Lithapo tsa eona tsa khaso li pongoe.

Mpolelle lebitso la lijo tsena
12/01/2026

Mpolelle lebitso la lijo tsena

12/01/2026

USA : Likete-kete tsa ma- Amerika a tlalehoa a ts'oere mokoloko oa boipilaetso khahlanong le maano a Donald Trump- Tass news

12/01/2026

IRAN : Litho tsa ts'ireletso tsa Tehran li tlalehoa li qhaulitse litho tse peli tsa Mossad tse hlophisang mekoloko ea boipelaetso naheng ea Iran- Tass news

12/01/2026

USA : Donald Trump o tlalehoa a lohotha ho nka likhato tse matla tsa sesole khahlanong le naha ea Iran- Al Jazeera

Address

Maseru
Maseru West
100

Telephone

+26656162756

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Leholi news24 posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to Leholi news24:

Share