Lekope daily news

Lekope daily news Bapatsa le leqephe lena

Mooa khotla haa tsekisoe
25/01/2025

Mooa khotla haa tsekisoe

25/01/2025
23/01/2025

KE LUTSE CHANKANENG LILEMO TSE 4, KE FUMANE MOSALI OA KA E LE MOIMANA

Monna o lla seboko o re o kopa lithuso tsa lijo le chelete. O re o lutse chankaneng lilemo tse 4, o lokollotsle ka Tsitoe 2024, joale o fumana mosali e le moimana, mme o kopa R200 h**e mohatsa oa hae a nne a bone ngaka.

"Ke ntse ke rata mosali enoa oa ka leha ke fumane a se a le mmeleng tjena ke mo kopela chelete le mokhoa oa lijo ha ntse ke leka ho batla mosebetsi". O li beile joalo Phutsalatsong.

Naa banna ba tjee ba sa le teng kapa boholo e se ele li pitbull??

Oa hola kajeno e mong oa balateli ba leqephe lena, Mme Maphoka Nko. Mahlohonolo ao.
14/01/2025

Oa hola kajeno e mong oa balateli ba leqephe lena, Mme Maphoka Nko. Mahlohonolo ao.

LINURSE LIA BETOATse seng monate li kuma ha baoki ba babeli ba neng ba le tsebetsong Chwene Clinic Limpopo ba ile ba koe...
10/01/2025

LINURSE LIA BETOA

Tse seng monate li kuma ha baoki ba babeli ba neng ba le tsebetsong Chwene Clinic Limpopo ba ile ba koeteloa ba nto hlekefetsoa ka motabo.

Tlaleho e re ho ile hoa kena banna ba hlometseng ka lithunya ba itsohlometsa ka ngakeng, ba ile ba tsometsa banna ba tsireletso ba ba bararo ba ba tlama matsoho, ba nto ipha limenyane ka basali ba na ba ba beta.

Sepolesa sa tikoloho eo se kentse nko mobung mme se kopa sechaba sa moo ho ba fa menyenyetsi.

SOURCE: MAPULANEWS

Breaking!Mookameli oa DCEO o tlalehoa a le matsohong a sepolesa thapameng ea kajeno(labone).Litlaleho li kuma ha tsoaro ...
09/01/2025

Breaking!

Mookameli oa DCEO o tlalehoa a le matsohong a sepolesa thapameng ea kajeno(labone).

Litlaleho li kuma ha tsoaro ea hae e le khatiso ea hae le Mong. Machesetsa Mofomobe moo ba neng ba utloahala ba seha tsamaiso ea Tona-kholo Ntsokoane maleo. Re tla boka ha li oroha

Picture: Lesotho Times

BAREKISI BA LIPHOOFOLO HA MATALA BA SUOELA TS'EA SELOMONGHo hlahelletse h**e Masepala o sa tsebisitse barekisi ba likhom...
07/01/2025

BAREKISI BA LIPHOOFOLO HA MATALA BA SUOELA TS'EA SELOMONG

Ho hlahelletse h**e Masepala o sa tsebisitse barekisi ba likhomo le likhutsoane ba sebeletsang Ha Matala h**e ba itokisetse ho tloha moo ba tla isoa sebakeng seo ba se khethetsoeng Ha Foso pele ho labohlano.

Lebaka la Masepala ke h**e molao oa teropo o hanela liphoofolo ka har'a teropo, e mong oa baitsokoli ba na o boile ho enngoe ea liradio h**e ha ba tlo tloha moo hoo hang ba tsaba litsotsi hobane mono moo ba isoang teng ke "naha-thothe".

Re tla boka ha li oroha

O HANELOA KA BAIL KA HO EMARISA NGOANANA A LILEMO LI 13Joalo ka ha re ile ra tlaleha h**e hara batsoetse ba ileng ba bel...
31/12/2024

O HANELOA KA BAIL KA HO EMARISA NGOANANA A LILEMO LI 13

Joalo ka ha re ile ra tlaleha h**e hara batsoetse ba ileng ba beleha ka letsatsi la xmas ho bile le ngoanana ea lilemo li 13 hara batsoetse bao.

Tsa morao-rao li kuma ha sepolesa se ile sa kenya nko mobung ho tsomana le monna enoa, mme se mo fumane a hlaha ka lekhotleng a balloa qoso.

Ho tlalehoa bobeli bona bo ile ba kopana setsing sa mabenkele tikolohong ea Seshego, mme ba fanana linomoro, ba ile ba kopana ka makhetlo a mmaloa empa ho se liketso tsa thobalano empa ba qetella ba e entse.

Lekhotla le mo hanetse ka bail.

Latela leqephe lena

26/12/2024

O BELEHA A LE LILEMO LI 13

Hara batsoetse ba belehileng ka li 25 December ho akha ngoanana ea lilemo li 13 ea pepetseng ho se seng sa lipetlele tse ka thokonyana ho Limpopo, ba ikarabellang ba re ba mohlaleng oa h**e na ntate oa ngoana ke mang mme haeba o ka holimo ho lilemo tse 18 ba lo lahlela taba eo sepoleseng.

11/12/2024

Lona batho ba hirileng bomme ba thusanang ka tlung, bana baa ba batho ha ba qetile mesebetsi eohle ea ka tlung le ba khothisa litlama-tlama kantle hara mocheso oo? Leholimo ha le tlo le bona le lipelo li mpe.

MAKHOMOSHA A RE A BATLA MAYONNAISE LE TOMATO SAUCE Barafi ba Stillfontein ba ntseng ba le ka tlasa lefatse ba fanne ka l...
09/12/2024

MAKHOMOSHA A RE A BATLA MAYONNAISE LE TOMATO SAUCE

Barafi ba Stillfontein ba ntseng ba le ka tlasa lefatse ba fanne ka lengolo le bolelang na ba hloka ho thusoa ka eng.

Hara tseo ba li kopileng ke sesepa se hlatsoang, roll-on, "tamati-soso" le nama.

Ho tlalehoa ha mangolo a na ba a beha holimo bafu ba ntseng ba ntsoa ka tlasa lefatse.

SOURCE: DAILY SUN

09/12/2024

Mmolai oa bana ba hae o ahloletsoe lilemo tse 25 chankaneng

07/12/2024

Ha moruti a re "you may kiss the bride" ke stlamo sa h**e batho ba habolane? Kapa che ke khaohane le lintho tsa batho ke ikele naheng?

"Khotsong batsoali, re kopa ho le tsebisa h**e re se re na le bakuli ba bangata haholo. Ba kanna ba hlokahala neng kapa ...
04/12/2024

"Khotsong batsoali, re kopa ho le tsebisa h**e re se re na le bakuli ba bangata haholo. Ba kanna ba hlokahala neng kapa neng ka mona, re se ra ba kopela ho huloa le bona ka morao h**e ho nyolloe bafu. Re kopa le mpe le ba hule tsatsing lena, rea leboha. Dankoo".

Ke lengolo le tlalehoang le tsoa ho barafi ba ntseng ba le ka mpeng ea lefaatse Stillfontein North West.

SOURCE:NEWSROOM AFRICA

MAKHOMOSHA A NKHISETSANA MAHAFI LE SEPOLESAKe bonyane barafi ba seng molaong ba 3 ba bolailoeng ke sepolesa morafong o s...
02/12/2024

MAKHOMOSHA A NKHISETSANA MAHAFI LE SEPOLESA

Ke bonyane barafi ba seng molaong ba 3 ba bolailoeng ke sepolesa morafong o seng o sa sebetse oa New Village Mining Shaft, Sabie, Mpumalanga.

Ho utloahala ho ile hoa qhoma nthoa ea lithunya lipakeng tsa bafu le mapolesa mme ho hlokahetse ba 3, lepolesa le lemetse ketsahalong ena le ntse le okoa sepetleleng se haufi.

Sepolesa se hapile lithunya tse kholo le mahla-a-hlela a 500. Haeba molateli a ka hopola hantle, barafi bane ba North West ba hanang ho tsoa ka mokoting ho tlalehoa ha sepolesa se na le khoao ea h**e ha e se be banna bao ba ikatetse ka lithunya tse kholo ka mokoting ka moo.

Latela leqephe lena.

O AHLOLELOA LEFU KA THEKISO EA MORA OA HAE E SENG OA MALILekhotla le phahameng la botsoana le ahloletse monna oa Zimbabw...
30/11/2024

O AHLOLELOA LEFU KA THEKISO EA MORA OA HAE E SENG OA MALI

Lekhotla le phahameng la botsoana le ahloletse monna oa Zimbabwe a neng a phela Botswana lefu ka morao h**e a rekise mora oa mosali ea nang a phela le eena P280 000.

Lovemore Sithole o balletsoe qoso mme a fumanoa a le molato, ho utloahala ha lehata la mofu le ile la fumanoa ka thokonyana ho teropo ea Gaborone mme litsebi tsa netefatsa ka DNA h**e ke lehata la mora oa mosali ea neng a phela le Sithole.

O tlo fanyehoa haufinyane ha ho entsoe litlhopho tse etsoang pele ho etsoa ketso e joalo.

SOURCE:MAPULANEWS

LATELA LEQEPHE LENA

27/11/2024

Monna ha a qeta ho shoelloa ke mosali bonyane o tlameha ho nka nako e kae pele a ka nyala hape?

KENEUOE O REKISA MORA OA HAEKeneuoe Shalaba (32) oa Boipatong o nletsoe ke litsepe ka qoso ea ho thetsa sepolesa,ho siti...
26/11/2024

KENEUOE O REKISA MORA OA HAE

Keneuoe Shalaba (32) oa Boipatong o nletsoe ke litsepe ka qoso ea ho thetsa sepolesa,ho sitisa toka ho tsoela pele le ho rekisa ngoana oa hae ka thekisetsano ea batho.

Ho utloahala ha moqosuoa a ile a ea sepoleseng a re ngoana oa hae o utsuoe ke banna ba tsamaeang ka koloi e sa tsejoeng.

Sepolesa ha se ntse se kentse nko mobung sa fumana h**e eo o ntse a ba thetsa, nakong eo ba seng ba sosobanya lifahleho ba fumana h**e mosali eo o rekisitse ngoana oa hae.

Ea be le hona mmelaelloa a buang nnete h**e ke nnete o rekisitse ngoana ho monna e mong, ke hona sepolesa se ntse se fuoutsa na o na rekisoa h**e a lo retloa kapa lebaka ke lefeng.

Sepolesa se ntse se le mohlaleng oa moreki.

Latela leqephe lena

SOURCE:MAPULA NEWS

Address

Maseru

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Lekope daily news posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Videos

Share